Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esthere 9:28 - BIBELE

28 Ba itlama hape hore matsatsi ana a Purime a tla hopolwa ke meloko yohle, le ke malapa wohle, dinaheng tsohle, le metseng yohle, le hore a ke ke a lebalwa ke Bajuda le ke ditloholo tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 ba rera hore matsatsi ao a tla elellwa le ho kgethwa mehleng yohle, tlung e nngwe le e nngwe, le naheng e nngwe le e nngwe, le motseng o mong le o mong, le hore matsatsi ao a Purime a ke ke a hlokahala hara Bajuda, leha e le kgopotso ya teng ho hlakoha kelellong ya ditloholo tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esthere 9:28
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

tsena tsa etsa hore Bajuda ba itlame, bona le bana ba bona, le bohle ba tla ipitsa Bajuda, hore ba tla hopola matsatsi ao a mabedi, ho latela kamoo ho ngotsweng kateng, le ho latela nako e beilweng ka selemo le selemo.


Jwale mofumahadi Esetere, moradi wa Abihaele, le Moredekai wa Mojuda, ka matla wohle ao ba a neilweng, ba ngola lengolo lena la bobedi la Purime, ba le tiisa.


Boka Morena, wena moya wa ka; o se ke wa lebala melemo yohle ya hae.


Moloko ho isa molokong o mong o tlotlisa mesebetsi ya hao, o bonahatsa ketso tsa bonatla ba hao.


“ ‘Le tla nne le etse mokete wa bohobe bo sa lomoswang, hobane ke ka letsatsi lena ke ntshitseng mabotho a lona naheng ya Egepeta; kahoo lona le meloko yohle ya lona le tla boloka letsatsi lena e le taelo ya mehla yohle.


Ha e le mofapahlooho wona o tla bewa ka Tempeleng ya Morena, e le hore ho tle ho hopolwe molemo wa bo-Heledai, le Tobiya, le Jedaya, le Hene, mora wa Sofonea.’


le tla re ho bona: ‘A bolela hore metsi a Jorodane a ne a parohe ka lehare, kapele ho areka ya selekane sa Morena. Ha areka e tshela Jorodane, metsi a Jorodane a ne a parohe ka lehare, mme majwe ana e tla ba kgopotso ho bana ba Iseraele kamehla yohle.’ ”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ