Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esthere 9:22 - BIBELE

22 ba hopole matsatsi ao e le matsatsi ao Bajuda ba ileng ba phomola ho dira tsa bona ka wona. Ba hopole kgwedi eo e le kgwedi eo ka yona mahlomola a Bajuda a ileng a fetoha thabo, le dillo tsa bona di ileng tsa fetoha mokete wa thabo. Matsatsi ao ba a hopole e le matsatsi a mokete le a thabo. Ka matsatsi ao ba abelane dimpho, ba be ba di abele le mafutsana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 ka ho re, ke ka matsatsi ao Bajuda ba boneng phomolo ho dira tsa bona, hape ke ka kgwedi eo maswabi a bona a fetohileng thabo, le bofifi ba bona bo fetohileng mokete; ha thwe, ba a etse matsatsi a mokete le a thabo ao ho romelanwang dimpho, ao hape ho phomosetswang mafutsana ka wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esthere 9:22
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kahoo Bajuda ba ahileng metsaneng a ka mathoko ba etsa hore letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya Hlakubele, e be letsatsi la thabo le la mokete, letsatsi le monate, la ho abelana dimpho.


hore ka selemo le selemo ba hopole letsatsi la leshome le metso e mene, le la leshome le metso e mehlano, la kgwedi ya Hlakubele;


Bajuda ba itlama ho nna ba etsa jwalokaha ba ne ba se ba qadile, le kamoo Moredekai a ba ngoletseng kateng.


Boka Morena, wena moya wa ka; o se ke wa lebala melemo yohle ya hae.


ba tle ba iphetetse ho baditjhaba, ba dihele kotlo hodima merabe;


Ako nkutlwe, Morena, mme o nkgauhele; Morena, ako be mothusi wa ka!”


Bofifi ba ka o bo fetotse mohobelo; o ntlhobodisitse thapo, wa nkapesa seaparo sa thabo,


Sabole tsa bona di tla ba hlaba dipelo, diqha tsa bona di tla robeha.


Mohla Morena a le phomoditseng ditsietsing, le moferefereng le bokgobeng bo sehloho,


“Morena wa mabotho o bua tjena: Ha ho itingwa dijo ka kgwedi ya bone, le ka kgwedi ya bohlano, le ka ya bosupa, le ka ya leshome, e tla ba matsatsi a thabo le a nyakallo, e be mekete e monate ho ba ntlo ya Juda. Kahoo ratang nnete le kgotso.”


Ho lehlohonolo ba mahlomoleng, hobane ba tla tshediswa.


Leha ho le jwalo, fanang ka se tswang botebong ba pelo, mme bonang, tsohle di tla be di hlwekile ho lona.


Feela ba re re hopole mafutsana, e leng seo ke neng ke ikemiseditse ho se etsa.


“Haeba hara lona ho ena le ya hlokang, e le e mong wa bana babo lona, ya motseng ofe kapa ofe wa metse e naheng eo Morena Modimo wa lona, a tla le nea yona, le se ke la thatafatsa dipelo tsa lona, mme le se ke la tima ngwanabo lona ya hlokang.


Le thabe moketeng ona wa lona: Lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Balevi, le bajaki, le dikgutsana, le bahlolohadi ba ahileng kahara metse ya lona.


Ka matsatsi a supileng, le tla ketekela Morena Modimo wa lona, mokete, sebakeng seo Morena a tla se kgetha, hobane Morena Modimo wa lona, o tla hlohonolofatsa tsohle tseo le di kotutseng, le mesebetsi yohle ya matsoho a lona, mme ho lona e be thabo feela.


Baahi ba lefatshe ba tla di tlaka, ba thabe, ba romellane dimpho, hobane baporofeta bao ba babedi ba ne ba ile ba ba tshwenya haholo.


Botsa bahlankana bao ba hao, mme ba tla o bolella. Ka baka lena, ako hauhele bahlankana bana, hobane re tlile ka letsatsi la mokete. Ke a o rapela: Ako ba fe eng kapa eng eo o nang le yona, o be o fe le mora wa hao Davida.’ ”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ