Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esthere 9:21 - BIBELE

21 hore ka selemo le selemo ba hopole letsatsi la leshome le metso e mene, le la leshome le metso e mehlano, la kgwedi ya Hlakubele;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 hore ho tiiswe hara bona hore, ka selemo se seng le se seng, ba tle ba kgethe letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya Adare le letsatsi la leshome le metso e mehlano,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esthere 9:21
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka letsatsi la boraro la kgwedi ya Hlakubele, e leng ka selemo sa botshelela sa puso ya kgosi Dariuse, Tempele ena ya qetwa ho hahuwa.


Ka kgwedi ya pele, e leng kgwedi ya Mmesa, selemong sa leshome le metso e mmedi sa puso ya Ahashuerushe, ha etswa Pure, e leng lotho, moo Hamane a ntseng a le teng. Hona ha nna ha etswa ka tsatsi le leng le le leng la kgwedi e nngwe le e nngwe, ho ya fihla kgweding ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Hlakubele.


Tsena di etsahetse ka letsatsi la leshome le metso e meraro la yona kgwedi eo, mme ka letsatsi la leshome le metso e mene ba phomola, ya eba letsatsi la mokete le la thabo.


Ka letsatsi la leshome le metso e meraro, le la leshome le metso e mene, la yona kgwedi eo, Bajuda ba Shushane ba kgobokana. Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la yona kgwedi eo, ba phomola, ya eba letsatsi la mokete le la thabo.


Moredekai a ngola mangolo ao ho wona a ngotseng dintho tsena, mme a a romela ho Bajuda bohle ba dinaheng tsohle tse haufi le tse hole, tse buswang ke kgosi Ahashuerushe,


ba hopole matsatsi ao e le matsatsi ao Bajuda ba ileng ba phomola ho dira tsa bona ka wona. Ba hopole kgwedi eo e le kgwedi eo ka yona mahlomola a Bajuda a ileng a fetoha thabo, le dillo tsa bona di ileng tsa fetoha mokete wa thabo. Matsatsi ao ba a hopole e le matsatsi a mokete le a thabo. Ka matsatsi ao ba abelane dimpho, ba be ba di abele le mafutsana.


tsena tsa etsa hore Bajuda ba itlame, bona le bana ba bona, le bohle ba tla ipitsa Bajuda, hore ba tla hopola matsatsi ao a mabedi, ho latela kamoo ho ngotsweng kateng, le ho latela nako e beilweng ka selemo le selemo.


Jwale mofumahadi Esetere, moradi wa Abihaele, le Moredekai wa Mojuda, ka matla wohle ao ba a neilweng, ba ngola lengolo lena la bobedi la Purime, ba le tiisa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ