Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esthere 9:20 - BIBELE

20 Moredekai a ngola mangolo ao ho wona a ngotseng dintho tsena, mme a a romela ho Bajuda bohle ba dinaheng tsohle tse haufi le tse hole, tse buswang ke kgosi Ahashuerushe,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Mordekai a ngola ditaba tseo, mme a romela mangolo ho Bajuda bohle ba dinaheng tsohle tsa morena Assueruse, ho ba leng haufi le ho ba leng hole,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esthere 9:20
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hopolang mesebetsi e hlollang eo a e entseng, dimakatso tsa hae le kahlolo tsa hae,


Taba tsena di etsahetse mehleng ya Ahashuerushe ya neng a busa dinaha tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e supileng, e leng ho tloha naheng ya India ho ya fihla naheng ya Kushe.


Yaba kgosi e romela mangolo dinaheng tsohle tseo e di busang, naha ka nngwe ya ngollwa ka mongolo wa yona, setjhaba ka seng sa ngollwa ka puo ya sona, ha thwe monna e mong le e mong a laole lelapa la hae, ho buuwe puo ya habo.


Ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya pele bangodi ba kgosi ba bitswa, ba ngolla balaodi ba kgosi, le babusi ba dinaha tsohle le mahosana a dinaha tsohle, ho ya kamoo Hamane a ileng a laela kateng. Mangolo ana a ngollwa ditjhaba tsohle ka mengolo ya tsona le ka dipuo tsa tsona; a ngolwa lebitsong la kgosi Ahashuerushe, a tiiswa ka tiiso ya lesale la kgosi la monwana.


Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya boraro, e leng kgwedi ya Phuptjane, bangodi ba kgosi ba bitswa. Yaba ho ngolwa ho latela sohle seo Moredekai a ileng a se laela. Ha ngollwa Bajuda le baokamedi ba mabotho, le batlatsi ba bona, le babusi le mahosana a dinaha, ho tloha India ho ya fihla Kushe, e leng babusi ba dinaha tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e supileng. Ha ngollwa naha e nngwe le e nngwe ka mongolo wa yona le setjhaba se seng le se seng ka puo ya sona, le Bajuda ba ngollwa ka mongolo wa bona le ka puo ya bona.


Kahoo Bajuda ba ahileng metsaneng a ka mathoko ba etsa hore letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya Hlakubele, e be letsatsi la thabo le la mokete, letsatsi le monate, la ho abelana dimpho.


hore ka selemo le selemo ba hopole letsatsi la leshome le metso e mene, le la leshome le metso e mehlano, la kgwedi ya Hlakubele;


Ka baka lena, matsatsi ao a bitswa hore ke a Purime, ho latela lebitso lena la Pure. Dipolelo tsa lengolo lena, le tseo ba di boneng, le tse ba hlahetseng,


tsena tsa etsa hore Bajuda ba itlame, bona le bana ba bona, le bohle ba tla ipitsa Bajuda, hore ba tla hopola matsatsi ao a mabedi, ho latela kamoo ho ngotsweng kateng, le ho latela nako e beilweng ka selemo le selemo.


Jwale mofumahadi Esetere, moradi wa Abihaele, le Moredekai wa Mojuda, ka matla wohle ao ba a neilweng, ba ngola lengolo lena la bobedi la Purime, ba le tiisa.


Yaba Morena o re ho Moshe: “Ngola ditaba tsena bukeng, e tle e be kgopotso. O be o phetele Joshua hore ke tla fedisa Baamaleke lefatsheng, hoo ba ke keng ba hlola ba hopolwa le kgale.”


Ana ke mantswe a lengolo leo moporofeta Jeremia a neng a le ngole a le Jerusalema, a le ngolla masalla a baholo ba setjhaba ba ileng ba thopuwa, le baprista le baporofeta le setjhaba sohle seo Nebukadenesare a neng a ile a se thopa Jerusalema, a se isa Babilona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ