Esthere 9:18 - BIBELE18 Ka letsatsi la leshome le metso e meraro, le la leshome le metso e mene, la yona kgwedi eo, Bajuda ba Shushane ba kgobokana. Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la yona kgwedi eo, ba phomola, ya eba letsatsi la mokete le la thabo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)18 Empa Bajuda ba Susane bona ba phutheha ka la leshome le metso e meraro le ka la leshome le metso e mene la kgwedi yona eo, mme ba phomola ka la leshome le metso e mehlano, ba le etsa letsatsi la mokete le la thabo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Hlakubele, taelo le molao wa kgosi o ne o lokela ho phethahatswa. Ka letsatsi lena, dira tsa Bajuda di ne di tshepile hore di tla ba hlola, empa ditaba tsa fetoha, ya eba Bajuda ba hlolang dira tsa bona.