Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esthere 9:14 - BIBELE

14 Yaba kgosi e laela hore ho etswe jwalo. Ha ntshwa taelo Shushane, mme bara ba Hamane ba leshome ba fanyehwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Morena a laela hore ho etswe jwalo; ha bolelwa taelo Susane, mme bara ba leshome ba Hamane ba fanyehwa difateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esthere 9:14
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Mona ke etsa taelo ya hore ofe kapa ofe wa setjhaba sa Iseraele, mmoho le baprista ba sona, le Balevi, ya pusong ya ka, ya ithaopelang ho nyolohela Jerusalema, a tsamaye le wena.


Yaba ba fanyeha Hamane hona sefateng sona seo Hamane a neng a se etseditse Moredekai. Jwale kgalefo ya kgosi ya kokobela.


Harebona, e leng e mong wa mahaole a sebeletsang kgosi, a re: “Bonang! Lapeng ha hae, Hamane o hlomme sefate seo ho fanyehwang batho ho sona, se bophahamo ba dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi. O se hlometse ho fanyeha Moredekai ya neng a bolelle kgosi taba tse ileng tsa e tswela molemo.” Yaba kgosi e re: “Fanyehang Hamane hona sefateng seo!”


Yaba Esetere o re: “Haeba e le ntho e ka kgahlang kgosi, a ho ke ho dumellwe Bajuda ba Shushane, hore hosasane le bona ba etse seo taelo ena ya kajeno e se bolelang, le hore bara ba Hamane ba leshome ba fanyehwe sefateng seo ho fanyehwang batho ho sona.”


Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya Hlakubele, Bajuda ba Shushane ba kgobokana, mme ba bolaela batho ba makgolo a mararo hona moo Shushane, empa ba se ke ba hapa thepa ya bona.


Ho hlolwa ha ba kgopo ke ho fela ha bona, athe lapa la ya lokileng lona le tiya kamehla.


Ha monna a ka tswala bana ba lekgolo, mme a phela dilemo tse ngata, ha ho tsotellehe hore na o phela halelele hakae, haeba a ke ke a ithabisa ka maruo ao a hae, le phupu ya hae ya eba e tlontlollang, nna ke re sefolotsana se lehlohonolo ho mo feta.


Bileame a tadima Baamaleke, mme a porofeta, a re: “Amaleke setjhaba sa pele hara ditjhaba, empa qetellong se tla timella ruri.”


Kreste o re lopolotse thohakong ya Molao, ka hore a fetohe ya rohakehileng ka baka la rona, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Mang le mang ya fanyehilweng sefateng o rohakehile.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ