Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esthere 8:16 - BIBELE

16 Bajuda ba hlahelwa ke lesedi, le thabo, le nyakallo, le tlotla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Bajuda ba dula leseding le thabong, nyakallong le hlonephong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esthere 8:16
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Tsamaya, o yo phutha Bajuda bohle ba teng mona Shushane. Ka matsatsi a mararo, bosiu le motsheare, le itime dijo ka baka la ka, le se ke la ba la ja letho, kapa la nwa letho. Le rona le makgabunyane a ka re tla itima dijo ka mokgwa o jwalo. Jwale ke hona ke tla ya ho kgosi, le hoja e tla be e se ka molao. Haeba ke eshwa, ke tla shwa.”


Tsena di etsahetse ka letsatsi la leshome le metso e meraro la yona kgwedi eo, mme ka letsatsi la leshome le metso e mene ba phomola, ya eba letsatsi la mokete le la thabo.


Ho ba pelo di ntle o ka lesedi le tjhabang lefifing; o mosa, o na le kutlwelobohloko, hape o lokile.


Morena ke Modimo; o a re bonesetsa. Tshwarang mahlaku, le koloke, le be le yo fihla manakaneng a aletare.


Ke wena ya pholosang setjhaba se hlophehileng, empa o kokobetsa baikgohomosi.


Bofifi ba ka o bo fetotse mohobelo; o ntlhobodisitse thapo, wa nkapesa seaparo sa thabo,


Lesedi le tjhabela ya lokileng, thabo ke ya ba pelo di ntle.


Ha ba lokileng ba atleha motse o a nyakalla, ha ba kgopo ba timela, hara motse ke medidietsane.


Ha ba lokileng ba busa tjhaba se a thoholetsa; ha ba kgopo ba busa tjhaba se a ipata.


Balopollwa ba Morena ba tla kgutla ka yona, ba kene Sione ba bina ka nyakallo, thabo ya kamehla e be mefaphahlooho ya bona, thabo le nyakallo di ba aperele, maswabi le masisipelo wona a ba tlohele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ