Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esthere 8:15 - BIBELE

15 Yaba Moredekai o tloha kapele ho kgosi, a apere seaparo sa bohosana se mmala o moputswa le o mosweu, a rwetse mofapahlooho o moholo wa kgauta; a apere le seaparo se entsweng ka lesela le lohehileng, le perese. Motse wa Shushane wa thaba, wa nyakalla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Mordekai a tloha pela morena a apere seaparo sa borena sa purepera le sa lene e tshweu, a rwetse moqhaka o moholo wa kgauta, a ena le kobo ya lene le sekarelata. Mme motse wa Susane wa etsa ditlatse, o thabile haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esthere 8:15
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Faro a ntsha lesale la hae la monwana, a le kenya monwaneng wa Josefa; a mo apesa diaparo tse entsweng ka lesela la lene, mme a mo rwesa sekgama sa kgauta molaleng.


Ho ne ho ena le masela a masweu, le a maputswa, a neng a leketlisitswe kgweleng e entsweng ka lesela le lohehileng, le perese, a tlameletswe mefitshaneng e neng e entswe ka silefera, mme e hoketswe ditshiyeng tsa mahakwe a masweu. Ditulo tse nang le mesamo di ne di entswe ka kgauta le ka silefera, di beilwe hodima lebala le katilweng ka mahakwe a mafubedu, le a masweu, le a boputswa ba lehodimo, le a matsho.


Diketso tsohle tse bontshang matla a hae, le bonatla ba hae, le ditlhaloso tsa boholo boo kgosi e ileng ya phahamisetsa Moredekai ho bona, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Media le tsa Peresiya.


Maqosa a matha ka potlako, a susumetswa ke taelo ya kgosi, mme taelo eo ya phatlalatswa Shushane, motseng wa bokgosi. Jwale kgosi le Hamane ba dula, ba enwa, empa motse wa Shushane wona o ne o ferekane.


Ka letsatsi la boraro Esetere a apara seaparo sa hae sa bofumahadi, mme a ya ema kahare ho seotlwana sa ntlo ya kgosi, a tobana le ntlo ya kgosi. Kgosi e ne e dutse teroneng ya yona, ka tlung ya bokgosi, kapele ho monyako wa ntlo.


Hamane a ba phetela tsa bongata ba maruo a hae, le kamoo bara ba hae ba leng bangata kateng, le mesebetsi yohle eo kgosi e mo phahamiseditseng ho yona, le kamoo e mmeileng ho okamela mahosana le bahlanka ba kgosi kateng.


Jwale Hamane a nka seaparo seo, le pere eo, a apesa Moredekai seaparo, a mo palamisa pere, a mo tsamaisa lebaleng la motse, a howeletsa a le kapele ho yena, a re: “Sena ke sona se tla etswa ho motho eo kgosi e thabelang ho mo tlotla!”


a tlisetswe seaparo se aparwang ke kgosi, a tlisetswe le pere e palangwang ke kgosi, le mofapahlooho o rwalwang ke kgosi.


Maqosa a palameng dipere tsa kgosi, tsa madi, tse lebelo, a palama ka potlako, a kgannwa ke taelo ya kgosi. Taelo ena ya phatlalatswa le Shushane, tlung ya kgosi.


Ha ba lokileng ba atleha motse o a nyakalla, ha ba kgopo ba timela, hara motse ke medidietsane.


Ha ba lokileng ba busa tjhaba se a thoholetsa; ha ba kgopo ba busa tjhaba se a ipata.


Ha ba lokileng ba ngatafala, tjhaba se a nyakalla, empa ha ba kgopo ba busa tjhaba se a lla,


Hantlentle le ne le ilo bona eng? Motho ya diaparo tse mabokoboko? Ba diaparo di mabokoboko ba matlung a mahosi.


empa ke a le bolella, esita le Solomone tlotleng yohle ya hae ha a ka a apara jwaloka e nngwe ya tsona.


“Ho ne ho ena le monna e mong wa morui, ya neng a apara diaparo tse perese, tse ntlehadi, a ithabisa ka ho etsa mekete ka tsatsi le leng le le leng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ