Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esthere 6:13 - BIBELE

13 Hamane a bolella Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle ya hae yohle, tsohle tse mo hlahetseng. Yaba metswalle eo ya hae e bohlale, le Sereshe, mosadi wa hae, ba re ho yena: “Haeba Moredekai, eo o seng o qadile ho theoha boemong ba hao kapele ho yena, e le wa leloko la Bajuda, o ke ke wa hlola o mo hlola, empa o tla fela o timele!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Hamane a phetela Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle yohle ya hae, tsohle tse mo hlahetseng. Ba bohlale ba hae, le mosadi wa hae Sereshe, ba re ho yena: Erekaha Mordekai eno eo o qadileng ho wa pela hae e le wa mofuta wa Bajuda, o ke ke wa mo fenya, empa ruri o tla wa pela hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esthere 6:13
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohlanka a bolella Isaka dintho tsohle tseo a ileng a di etsa.


Kamora matsatsi a mararo, Faro o tla o ntsha tjhankaneng, a o kgaole hlooho, a o leketlise sefateng, mme dinonyana di tla ja nama ya hao.”


Hoseng a tsoha moya wa hae o tshwenyehile; a re ho latwe dinohe tsohle tsa Egepeta, le bahlalefi bohle ba hona teng. Faro a ba phetela toro ya hae, empa ha se ke ha eba le ya mong ya ka mo hlalosetsang yona.


matshwenyeho le mahloko a mo kenya letswalo, a mo pupetsa sa kgosi e kgatheng la ho futuha,


“Tse kang tsena ke di utlwile hangata; lona bohle le batshedisi ba tenang motho!


“Le se ke la ama batlotsuwa ba ka, le se ke la etsa baporofeta ba ka hampe.”


Ya phelang ka botshepehi o tla fumana pholoho; ya phelang ka bokgopo yena hanghang o tla timela.


Ka baka leo, kgalefo ya kgosi ya tlokoma, mme kgosi ya laela hore bahlalefi bohle ba Babilona ba bolawe.


Ya bohlale ke mang? Tsena o tla di hlokomela. Ya masene ke mang? Yena o tla di utlwisisa. Ditsela tsa Morena di nepahetse, ba lokileng ba tla tsamaya ka tsona, baetsadibe ba kgothometsehe ho tsona.


Naheng eo e halalelang Morena o tla inkela Juda, e be lefa la hae, a boele a ikgethele Jerusalema.


A borame, a qatjhame jwaloka tau, le jwaloka tauhadi. Ke mang ya tla mo tsosa? “Ya o hlohonolofatsang a hlohonolofatswe, ya o rohakang a rohakwe!”


“A na a mo fumana a lelera lehwatateng, feelleng le bodutu la dipukupuku; a mo sireletsa, a mo baballa, a mo hlokomela seka thaka ya leihlo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ