Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esthere 5:14 - BIBELE

14 Bo-Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle yohle ya hae, ba re ho yena: “A re hlomeng sefate seo ho fanyehwang batho ho sona, se bophahamo ba dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi, mme hosasane o bue le kgosi hore Moredekai a fanyehwe ho sona, ebe jwale o ya moketeng le kgosi, ho ya ithabisa.” Taba ena ya kgahla Hamane, a ba a re ho hlongwe sefate seo ho fanyehwang batho ho sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle ya hae, ba re ho yena: Ho ke ho emiswe sefate se bolelele ba ditswe tse mashome a mahlano, mme hosasane, o kope ho morena hore Mordekai a fanyehwe ho sona; jwale wena, o tla ya dijong le morena o thabile. Taba eo ya kgahla Hamane, mme a laela hore ho emiswe sefate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esthere 5:14
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ahitofele a re ho Abosalome: “Eya o kene dikobong tsa basadi ba ntatao ba mafielo, bao a ba siileng hore ba hlokomele lelapa. Ha Baiseraele ba utlwa hore o kgopisitse ntatao, balatedi ba hao bohle ba tla tiya moko.”


Ha ho le ya mong ya kileng a ineella ho etsa bobe jwaloka Akabe. O ne a kgothaletswa ke Jesabele, mosadi wa hae.


Jesabele, mosadi wa hae, a re ho yena: “Na hase wena ya busang naha ya Iseraele? Tsoha, o je, o nyakalle. Ke tla o nea tshimo eo ya morara ya Nabote wa Mojesereele.”


Kgosi ya re: “Ke mang ya ka seotlwaneng?” Ka yona nako eo Hamane o ne a sa tswa kena ka seotlwaneng se kantle ho ntlo ya kgosi, ho ya bua le kgosi hore e fanyehe Moredekai sefateng seo ho fanyehwang batho ho sona, seo a mo lokiseditseng sona.


Ba kgopo ba tsomula sabole tsa bona, ba hula diqha tsa bona, ho fula bahlophehi le mafutsana, ho bolaya ba metsamao e metle.


Ya kgopo o laletse ya lokileng, o batla ho mmolaya.


e le hore ke tle ke bolele dithoko tsa hao, ke di bolele kgorong ya motse wa Sione, mme ke nyakalle hobane o mpholositse.


Banna bana ba emetse lefu la bona, ba itjhehetse leraba ka bobona.


Ha ba sa etse bokgopo ha ba robale, ba fadimehiswa ke takatso ya ho bolaya.


Leha ba tseba hantle taelo ya Modimo e reng ba etsang tse jwalo ba lokelwa ke lefu, ha ba di etse e le bona feela, empa ba bile ba thoholetsa le ba bang ba di etsang.


maoto a bona a bobebe ha ba ya tsholla madi,


Baahi ba lefatshe ba tla di tlaka, ba thabe, ba romellane dimpho, hobane baporofeta bao ba babedi ba ne ba ile ba ba tshwenya haholo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ