Esthere 3:9 - BIBELE9 Haeba kgosi e ka kgahlwa, a ho ke ho ngolwe taelo ya hore tjhaba seo se timetswe; mme tjhelete e tla lefa ba tla phetha mosebetsi oo, e leng silefera e etsang boima ba dikilo tse dikete tse makgolo a mararo le mashome a mane, ke tla e kenya letloleng la kgosi.” အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)9 Ha morena a dumela, ho ke ho ngolwe taelo ya ho ba timetsa, mme ke tla lekanyetsa ba tshwereng mosebetsi oo ditalenta tsa silefera tse kete tse leshome, ba tle ba di kenye bobolokelong ba morena. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Yaba Hamane o re ho kgosi Ahashuerushe: “Dinaheng tsohle tsa mmuso wa hao, ho na le setjhaba se itseng, se hasahasaneng hara ditjhaba tsohle tse mmusong wa hao. Melao ya setjhaba seo e fapane le ya ditjhaba tsohle tse ding, mme setjhaba seo ha se boloke melao ya kgosi. Ka baka lena, kgosi e ke ke ya fumana molemo wa letho ka ho tlohela setjhaba seo.