Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esthere 2:21 - BIBELE

21 Hona matsatsing ao, ha Moredekai a dutse monyakong wa kgosi, mahaole a mabedi a kgosi, e leng Bigitane le Tereshe, e leng a mang a balebedi ba monyako, a halefa, mme a rera ho bolaya kgosi Ahashuerushe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Mehleng eo, Mordekai ha a sa ntsane a dutse pela monyako wa morena, Bigthane le Thereshe, matona a mabedi a morena, e leng balebedi ba menyako, ba hlonamela morena, mme ba leka ho isa matsoho a bona ho morena Assueruse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esthere 2:21
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a re ho Abishai, le ho bahlanka ba hae bohle: “Haesita mora wa ka, ya tswileng lethekeng la ka, e le yena ya batlang ho mpolaya, jwale le re Mobenjamine eo yena a ke ke a tjhatjhehela ho mpolaya hobaneng? Mo tloheleng a hlapaolane, hobane Morena o mo laetse jwalo.


Empa mohlanka wa hae Simeri, eo e neng e le molaodi wa halofo ya bahlabani ba palamang dikariki tsa ntwa, a rera ho mmolaya. Kgosi Ela o ne a le Tiresa, ka tlung ya Aresa, mookamedi wa lelapa la Ela le motseng wa Tiresa, a ntse a enwa, a tahwa.


Bahlanka ba hae ba mo rera ba mmolaela tlung ya Milo, tseleng e theohelang Silla.


Yaba bahlanka ba kgosi Amona ba a mo rera, ba mmolaela ka tlung ya hae.


Ha Ahashuerushe a qala ho busa, bahanyetsi ba mo ngolla lengolo, leo ka lona ba qosang baahi ba naha ya Juda le ba Jerusalema.


Ha barwetsana ba se ba kgobokantswe kgetlo la bobedi, Moredekai o ne a dutse monyakong wa kgosi.


Bosiung bona boo kgosi ya hlobaela, ya ba ya laela hore e tlisetswe buka eo ho ngotsweng diketsahalo tse fetileng ho yona, mme ya e ballwa.


Ha fumanwa bukeng eo ho ngotswe hore Moredekai o kile a sebela kgosi tsa morero wa bo-Bigitane le Tereshe wa ho bolaya kgosi. Bana e ne e le mahaole a mabedi a kgosi, e bile e le balebedi ba monyako, ba neng ba batla ho bolaya kgosi Ahashuerushe.


wena ya neang dikgosi tlholo, wena ya pholosang Davida, mohlanka wa hao.


Ho ya ka kopo ya Daniele, kgosi ya bea bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego hore e be batsamaisi ba puso ya naha ya Babilona, Daniele yena ya eba monna wa lekgotla la kgosi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ