Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esthere 2:17 - BIBELE

17 Kgosi ya rata Esetere ho feta basadi bohle, ya mo hauhela, ya kgahlwa ke yena ho feta barwetsana bohle. Yaba e mo rwesa mofapahlooho wa bofumahadi sebakeng sa Fashiti.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Morena a rata Esthere ho feta basadi bohle ba bang, mme a fumana mohau le kamohelo pela hae ho feta barwetsana bohle ba bang; yaba o mo rwesa moqhaka wa bofumahadi hloohong, mme a mmea mofumahadi tulong tsa Vashti.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esthere 2:17
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya a laela hore a tlise mofumahadi Fashiti kapele ho kgosi, a rwetse mofapahlooho wa bofumahadi, hore setjhaba le mahosana a tlo boha botle ba hae, hobane mofumahadi o ne a le motle haholo.


Ka kgwedi ya leshome, e leng kgwedi ya Pherekgong, selemong sa bosupa sa puso ya kgosi Ahashuerushe, Esetere a iswa ho kgosi Ahashuerushe, ka tlung ya hae ya bokgosi.


Haeba ka nako ena o ka kgutsa tu! ho namolelwa ha Bajuda le ho pholoswa ha bona, ho tla hlaha sebakeng se seng, empa haele wena le lelapa la ntatao le tla timetswa. Ke mang ya ka tsebang haeba o beilwe ditulong tseo, o beelwa nako e kang ee?”


a tlisetswe seaparo se aparwang ke kgosi, a tlisetswe le pere e palangwang ke kgosi, le mofapahlooho o rwalwang ke kgosi.


Pelo ya kgosi e ka atleng tsa Morena, o e isa moo a ratang sa metsi a molatswana.


Fate tsohle tsa naha di tla tseba, di tsebe hore ke nna Morena. Fate tse telele ke a di diha, tsa dikakatjhelana tsona ke di hodise; tse talana ke di omeletse, tse omeletseng ebe di a tlokoma. “ ‘Nna Morena, ke buile, mme ke tla etsa jwalo.’ ”


Mafutsana o a nyolla a le leroleng, bahloki o ba nyolla ba le moraheng, o ba dudisa mmoho le mahosana, terone ya tlotla e be lefa la bona; hoba tshiya tsa lefatshe ke tsa Morena, o theile lefatshe hodima tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ