15 Ha nako ya Esetere ya hore a kene ka ho kgosi e fihla, a se ke a batla letho ha e se feela seo Hegai, lehaole la kgosi, molebedi wa basadi, a ileng a mo nea sona. Moredekai o ne a nkile Esetere jwalokaha eka ke moradi wa hae athe e ne e le moradi wa Abihaele, maloma Moredekai. Esetere a ratwa ke bohle ba neng ba mo tadimile.
15 Haele Esthere, moradi wa Abikaile, maloma Mordekai, ya neng a mo nkile, a mo etsa moradi wa hae, mohla ho fihlang nako ya hae ya ho kena ho morena, ha a ka a kopa letho haese seo a neng a se boleletswe ke Hegai, tona ya morena, modisa wa basadi; mme Esthere o ne a fumana mohau ho bohle ba mmonang.
Mantsiboya o ne a ye a kene ka tlung ya kgosi, hoseng a kgutlele tlung esele, eo ho dulang basadi ho yona, e neng e le bodiseng ba Shaashagase, lehaole la kgosi, le neng le lebela basadi ba kgosi ba mafielo. Kamorao ho moo ebe ha a sa kgutlela ho kgosi hape, haese haeba kgosi e kgahlilwe ke yena, mme ya jwalo o ne a thonngwa ka lebitso.
Ka kgwedi ya leshome, e leng kgwedi ya Pherekgong, selemong sa bosupa sa puso ya kgosi Ahashuerushe, Esetere a iswa ho kgosi Ahashuerushe, ka tlung ya hae ya bokgosi.
Kgosi e kgethe bahlankana dinaheng tsohle tseo e di busang, hore ba kgobokanye barwetsana bohle ba batle, ba ba tlise Shushane, tlung eo basadi ba dulang ho yona, e bodiseng ba Hegai, e leng lehaole la kgosi le lebelang basadi. Barwetsana bana ba fuwe ditlolo tseo ba itlotsang ka tsona.
Ka lona letsatsi leo, kgosi Ahashuerushe a nea mofumahadi Esetere dintho tsohle tsa Hamane, sera sa Bajuda. Moredekai a fihla a ema kapele ho kgosi, hobane Esetere o ne a ile a e bolella hore na o amana jwang le yena.
Jwale mofumahadi Esetere, moradi wa Abihaele, le Moredekai wa Mojuda, ka matla wohle ao ba a neilweng, ba ngola lengolo lena la bobedi la Purime, ba le tiisa.
empa leebana la ka, pabala ya ka, ke lona feela, ke moradi wa mmae ya tswetsweng a le inotshi, thatohatsi ya mosadi ya ileng a mmeleha. Barwetsana ha ba mmona ba re o hlohonolo, mafumahadi le basadi ba mafielo ba a mo rorisa.
a mo namolela matshwenyehong wohle a hae. Modimo a mo nea leseho le bohlale pela Faro, kgosi ya Egepeta, mme Faro a mo kgetha ho ba mmusisi wa Egepeta le wa ntlo ya hae yohle.