Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 9:11 - BIBELE

11 eo o neng o re laye ka yona, ka bahlanka ba hao, baporofeta, wa re: ‘Naha eo le yang ho yona, hore e tle e be ya lona, ke naha e sa hlwekang, ka baka la ho silafatswa ke baahi ba dinaha tseo ka manyala a bona, a e aparetseng ho tloha ntlheng e nngwe ho isa ho e nngwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 eo o re laetseng yona ka bahlanka ba hao baporofeta, wa re: Lefatshe leo le tlang ho kena ho lona ho le rua, ke lefatshe le silafaditsweng ke ditshila tsa ditjhaba tsa dinaha tseo le ke manyala ao ditjhaba tseo di le tlatsitseng ka wona ditshileng tsa tsona, ho qala pheletsong e nngwe ho isa pheletsong e nngwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 9:11
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kantle ho sebe seo a entseng hore ba morabe wa Juda ba se etse, Manase o entse bobe mahlong a Morena, a tsholla madi a mangata a se nang molato, hoo a ileng a phalla kahohle motseng wa Jerusalema.


A etsa bobe mahlong a Morena, a latela manyala a baditjhaba bao Morena a neng a ba leleke kapele ho bana ba Iseraele.


Paseka ya jewa ke bana ba Iseraele ba neng ba thopilwe, le ba ileng ba ikgaohanya le manyala a baditjhaba, hore ba sebeletse Morena Modimo wa Iseraele.


Ha dintho tsena di se di phethilwe, baetapele ba tla ho nna, ba re: “Setjhaba sa Iseraele, le baprista, le Balevi ha ba ya ikgetholla ho baahi ba dinaha tsena; ba etsa manyala a etswang ke Bakanana, le Bahete, le Baperise, le Bajebuse, le Baamone, le Bamoabe, le Baegepeta, le Baamore.


“Jwale he, Modimo wa rona, re tla reng kamorao ho moo? Re furaletse melao ya hao


haeba le sa mamele mantswe a bahlanka ba ka, e leng baporofeta bao ke ba rometseng ho lona ka makgetlokgetlo, le hoja le sa ka la ba mamela;


Ha ho le jwalo, baratuwa, kaha re etseditswe ditshepiso tse jwalo, a re itlhwekiseng ditshileng tsohle tsa nama le tsa moya, ka ho phethahatsa kgalaletso ya rona, re ntse re tshaba Modimo.


Le se ke la etsa jwalo ho Morena Modimo wa lona. Manyala wohle ao Morena a a hloileng, ditjhaba tsena di a etseditse medimo ya tsona, tsa ba tsa e etsetsa sehlabelo sa setjheso ka bara le baradi ba tsona.


Bohle ba etsang dintho tsena ke manyala ho Morena, mme ka baka la manyala ana Morena Modimo wa hao, o ba leleka kapele ho yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ