Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 8:33 - BIBELE

33 Ka letsatsi la bone, silefera, le kgauta, le thepa, tsa bewa sekaleng, ka Tempeleng ya Modimo wa rona, mme tsa newa Meremote, mora wa moprista Uriya. O ne a ena le Eleasare, mora wa Finease, mmoho le Balevi, e leng Josabada, mora wa Jeshua, le Nowadiya, mora wa Binui.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Ka letsatsi la bone, ra lekanya boima ba silefera le kgauta le mesebetsi, re le ka tlung ya Modimo wa rona, ra di neela matsohong a moprista Meremothe, mora Uria, ba ena le Eleasare, mora Finease, le Josabade, mora Joshua, le Noadia, mora Binnui, e leng Balevi,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 8:33
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hara Balevi e ne e le Josabada, le Shimei, le Kelaya ya neng a bitswa Keleta, le Petahiya, le Juda le Eleesere.


Balevi, e leng ditloholo tsa Jeshua le Kademiele, ba lelapa la Hodafiya, e ne e le mashome a supileng a metso e mene.


Ka ba lekanyetsa silefera, le kgauta, le thepa, e leng tseo kgosi, le baeletsi ba yona, le mahosana a yona, le Baiserale bohle ba neng ba le teng moo, ba faneng ka tsona, e le nyehelo ya Tempele ya Modimo wa rona.


Ka ba nea silefera e etsang boima ba dithane tse mashome a mabedi a metso e mmedi, le thepa e entsweng ka silefera e etsang boima ba dikilo tse mashome a supileng, le e entsweng ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane,


Di hlokomeleng, le di boloke, ho fihlela le di lekanya hape kapele ho baprista, le Balevi, le dihlooho tsa malapa a Iseraele, le le Jerusalema, ka dikamoreng tsa Tempele ya Morena.”


Yaba baprista, le Balevi, ba nka morwalo oo wa silefera, le wa kgauta, le wa thepa, le wa dijana, ba o isa Jerusalema ka Tempeleng ya Morena.


Tsohle tsa balwa, tsa bewa sekaleng, mme boima ba tsona ba ngolwa.


le bana babo bona, e leng bo-Shebaniya, le Hodiya, le Keleta, le Pelaya, le Hanane,


Balevi bona e ne e le bo-Jeshua, mora wa Asaneya, le Binui, e mong wa bara ba Henadade, le Kademiele,


Meremote, mora wa Uriya, setloholo sa Kose, a latela Baruke. A tsosa karolo e nngwe ya lerako, ho tloha monyakong wa ntlo ya Eleashibe, ho ya fihla moo ntlo eo e fellang teng.


Binui, mora wa Henadade, a latela Asariya, a tsosa karolo e nngwe ya lerako, ho tloha tlung ya Asariya, ho ya fihla hukung ya lerako.


Meremote, mora wa Uriya, setloholo sa Kose, a tsosa lerako a bapile le bara ba Hasena. Meshulame, mora wa Berekiya, setloholo sa Meshesabele, yena a le tsosa a bapile le Meremote. Sadoke, mora wa Baana, a le tsosa a bapile le Meshulame.


Bo-Jeshua, le Bani, le Sherebiya, le Jamine le Akube, le Shabetai, le Hodiya, le Maasiya, le Keleta, le Asariya, le Josabada, le Hanane, le Pelaya, e leng Balevi, ba hlalosetsa setjhaba Molao, setjhaba sona se ntse se eme ditulong tsa sona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ