Esdrase 8:21 - BIBELE21 Hona moo nokeng ya Ahafa, ka phatlalatsa hore ho itingwe dijo, e le hore re tle re inyatse kapele ho Modimo wa rona, mme rona, le bana ba rona, le dintho tsa rona, a re baballe leetong la rona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)21 Yare re sa le nokeng ya Ahava, ka bolela tsatsi la ho itima dijo, re tle re ikokobetse pela Modimo wa rona, hore re ikopele ho wona leeto le letle la rona, le la bana ba rona, le la ntho tsohle tsa rona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
“Tsamaya, o yo phutha Bajuda bohle ba teng mona Shushane. Ka matsatsi a mararo, bosiu le motsheare, le itime dijo ka baka la ka, le se ke la ba la ja letho, kapa la nwa letho. Le rona le makgabunyane a ka re tla itima dijo ka mokgwa o jwalo. Jwale ke hona ke tla ya ho kgosi, le hoja e tla be e se ka molao. Haeba ke eshwa, ke tla shwa.”
Na oo ke mokgwa wa ho itima dijo, na ke mokgwa oo ke o kgethileng, wa hore motho a itlhokofatse ka tsatsi le le leng? Wa hore a kebise hlooho jwaloka letsepa la lehlaka, a ipitike hodima tse mahwashe, a be a itshelake ka molora? Na oo ke wona mokgwa wa ho itima dijo? Na tsatsi le tjee le ka amoheleha ho Morena?