Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 8:20 - BIBELE

20 Ba ba romela le basebeletsi ba Tempele, bao bo-Davida le mahosana ba neng ba ba kgethetse ho thusa Balevi. Basebeletsi bohle ba Tempele ba ne ba le makgolo a mabedi le mashome a mabedi. Mabitso a bona bohle a ne a ngotswe bukeng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ha tla le Banethinime ba makgolo a mabedi a mashome a mabedi ba kgethilweng ka mabitso kaofela a bona, e le bara ba Banethinime bao Davida le dihlooho ba neng ba ba neetse tshebeletso ya Balevi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 8:20
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba pele ba ileng ba kgutla ho ya aha naheng ya bona le metseng ya bona e bile Baiseraele, le baprista, le Balevi, le bahlanka ba sebeletsang ka Tempeleng.


Basebeletsi ba Tempele e ne e le ditloholo tsa Siha, le tsa Hasufa, le tsa Tabaote,


Ka selemo sa bosupa sa puso ya kgosi Aretaseresese, ba bang ba bana ba Iseraele, le baprista, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le basebeletsi ba Tempele, le bona ba nyolohela Jerusalema.


Ka ba romela ho Ido, mmusisi wa sebaka se bitswang Kasipia, ka ba laela seo ba tshwanetseng ho se bolella Ido, le bana babo, e leng basebeletsi ba Tempele, ba sebakeng sona seo sa Kasipia, hore ba re tlisetse basebeletsi ba Tempele ya Modimo wa rona.


le Hashabiya, a ena le Jeshaya, e leng e mong wa bara ba Merari, le bana babo, le bara ba hae, kaofela ba le mashome a mabedi.


Balevi bona o ba nee Arone le bara ba hae; ke mo neile bona ka ho tlala hara bana ba Iseraele.


Le wena molekane wa ka mosebetsing, wena ya tshepahalang, ke a o kopa hore o ba thuse, hobane ba ile ba lwanela molaetsa o molemo hammoho le nna, le Tlelemente le balekane ba bang ba ka, bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ