Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 8:16 - BIBELE

16 Yaba ke romela hore ho bitswe bo-Eleesere, le Ariele, le Shemaya, le Elenatane, le Jaribe, le Elenatane, le Nathane, le Sekariya, le Meshulame, e leng banna ba ka sehloohong, le Joyaribe, le Elenatane, bao e neng e le banna ba bohlale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Yaba ke romela ho bitsa Eliesere, Ariele, Shemaia, Elnathane, Jaribe, Elnathane, Nathane, Sakaria, le Meshullame, e leng dihlooho, le Jojaribe le Elnathane, banna ba kelello;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 8:16
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

mme Modimo a re ho yena: “Erekaha o kopile hona, o sa ikopela hore o phele halelele, kapa o rue, kapa o timetse dira tsa hao, o mpa o ikopetse bohlale ba ho tseba se lokileng,


Ba morabe wa Isakare, ba neng ba tseba ditaba tsa mehla eo, ba tseba le seo Iseraele e lokelang ho se etsa, e ne e le baetapele ba makgolo a mabedi, e le bona ba laolang bang ka bona bohle.


Lotho le kgethang molebedi wa monyako o ka botjhabela la ntsha Shelemiya. Mora wa hae Sekariya, eo e neng e le moeletsi ya bohlale, le yena a etsetswa lotho, mme la mo ntshetsa ho lebela monyako o ka leboya.


Hirame a tswela pele, a re: “Ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, ya entseng lehodimo le lefatshe, ya neileng Davida mora ya bohlale, ya nang le kelello le kutlwisiso, ya tla hahela Morena Tempele, a be a ikgahele ntlo ya bokgosi.


Hara bara ba Harime e ne e le Maasiya, le Elia, le Shemaya, le Jehiele, le Usiya.


Ho ba lelapa la ho qetela la Adonikame, ba ho qetela ke Elefelede, le Jeuele, le Shemaya, ba neng ba ena le ba batona ba mashome a tsheletseng.


Ka ba kgobokanyetsa bohle pela noka e fetang Ahafa. Ra hlola moo ka matsatsi a mararo, re le ka ditenteng. Ka hlahloba setjhaba, le baprista, mme hara bona ka fumana ho se le ya mong wa bara ba Levi.


Ka ba romela ho Ido, mmusisi wa sebaka se bitswang Kasipia, ka ba laela seo ba tshwanetseng ho se bolella Ido, le bana babo, e leng basebeletsi ba Tempele, ba sebakeng sona seo sa Kasipia, hore ba re tlisetse basebeletsi ba Tempele ya Modimo wa rona.


Ka lehlohonolo le tswang ho Modimo wa rona, ba re romela Sherebiya, monna ya nang le kutlwisiso, e leng e mong wa bara ba Mahadi, mora wa Levi, setloholo sa Iseraele. O ne a ena le bara ba hae, le bana babo, kaofela ba le leshome le metso e robedi,


Ke Morena ya fanang ka bohlale, tsebo le kutlwisiso di tswa ho yena.


Pelong ya motho merero e ka metsi a bodiba, ya nang le kutlwisiso yena o a e fihlela.


Tjhaba ha se le kgopo se hlahlamanya babusi, empa toka e hlaha ka ya nang le bohlale le tsebo.


Dinako le mehla di fetolwa ke yena, o diha dikgosi a ba di hlomamise; bahlalefi ba hlalefiswa ke yena, ba nang le kutlwisiso a ba abele tsebo.


Nahana ka seo ke se bolelang, mme Morena o tla o fa kutlwisiso ya tsena tsohle.


Hape re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe Modimo wa nnete. Re phela ka ho Modimo wa nnete, ka ho Mora wa hae, Jesu Kreste. Yena ke Modimo wa nnete, ke bophelo bo sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ