Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 8:15 - BIBELE

15 Ka ba kgobokanyetsa bohle pela noka e fetang Ahafa. Ra hlola moo ka matsatsi a mararo, re le ka ditenteng. Ka hlahloba setjhaba, le baprista, mme hara bona ka fumana ho se le ya mong wa bara ba Levi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ka ba phutha nokeng e mathelang Ahava, mme ra emisa teng tshiu tse tharo; eitse ha ke hlahloba setjhaba le baprista, ke se ke ka fihlela le a mong wa bara ba Levi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 8:15
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hape re le tsebisa hore malebana le baprista, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le basebeletsi ba Tempele, kapa basebeletsi ba bang ba Tempele ya Modimo, molao ha o dumelle hore ba ntshiswe lekgetho, kapa sethabathaba, kapa lekgetho la thepa ya kgwebo.


ya entseng hore ke hauhelwe ke kgosi, le baeletsi ba yona, le mahosana wohle a yona, a matla. Ke ile ka matlafala, hobane Morena Modimo wa ka, o ile a ntlhohonolofatsa, mme ka bokella banna ba Iseraele ba ka sehloohong, ba nyoloha le nna.”


Ka selemo sa bosupa sa puso ya kgosi Aretaseresese, ba bang ba bana ba Iseraele, le baprista, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le basebeletsi ba Tempele, le bona ba nyolohela Jerusalema.


Ho ba lelapa la Bigifai ke Utai, le Sabude, ba neng ba ena le ba batona ba mashome a supileng.


Yaba ke romela hore ho bitswe bo-Eleesere, le Ariele, le Shemaya, le Elenatane, le Jaribe, le Elenatane, le Nathane, le Sekariya, le Meshulame, e leng banna ba ka sehloohong, le Joyaribe, le Elenatane, bao e neng e le banna ba bohlale.


Ho ba lelapa la Finease ke Gereshome, ho ba lelapa la Itamare ke Daniele, ho ba lelapa la Davida ke Hatushe.


Hona moo nokeng ya Ahafa, ka phatlalatsa hore ho itingwe dijo, e le hore re tle re inyatse kapele ho Modimo wa rona, mme rona, le bana ba rona, le dintho tsa rona, a re baballe leetong la rona.


Ka letsatsi la leshome le metso e mmedi, la kgwedi ya pele, ra tloha nokeng ya Ahafa, ra ya Jerusalema. Modimo wa rona a re hlohonolofatsa, mme a re namolela matsohong a sera, le ho ba neng ba re laletse tseleng.


Mabopong a dinoka tsa Babilona, re ne re dutse re lla, ha re hopola Sione.


Ka letsatsi la bohlano la kgwedi ya bone selemong sa mashome a mararo, ha ke le hara bathopuwa pela noka ya Kebare, ke ile ka bona mahodimo a buleha, yaba ke bona dipono tsa Modimo.


Yaba ke fihla ho bathopuwa ba le Tele-Abibe, moo ba ahileng teng pela noka ya Kebare; ka phela moo le bona ka matsatsi a supileng, ke maketse!


Ka tsatsi la Sabatha ra tswela kantle ho kgoro ya motse e pela noka, moo re neng re lekanya hore ho rapellwa teng. Hoba re dule, ra bua le basadi ba phuthehileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ