Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 7:24 - BIBELE

24 Hape re le tsebisa hore malebana le baprista, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le basebeletsi ba Tempele, kapa basebeletsi ba bang ba Tempele ya Modimo, molao ha o dumelle hore ba ntshiswe lekgetho, kapa sethabathaba, kapa lekgetho la thepa ya kgwebo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Hape, re a le tsebisa hore, haele baprista bohle, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le Banethinime, le bahlanka ba ntlo eo ya Modimo, ba se ke ba ntshiswa lekgetho, leha e le sethabathaba, kapa kabelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 7:24
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke masimo a baprista feela ao a sa kang a a reka, hobane baprista ba ne ba newa moputso ke Faro, ba phela ka wona, mme ka lebaka lena ba se ke ba rekisa masimo a bona.


Yaba Josefa o etsa molao naheng ya Egepeta, o ntseng o le teng le kajeno-ya-bokajeno, wa hore Faro a newe karolo e le nngwe ho tse hlano ya tse kotutsweng. Ke masimo a baprista feela ao e sa kang ya eba a Faro.


“Kgosi a e ke e tsebe hore haeba motse ona o ka fela wa tsoswa, mme marako a wona a phethwa, baahi ba wona ba ke ke ba hlola ba sa lefa lekgetho, le sethabathaba, le lekgetho la thepa, mme tjhelete ya kgosi e tla fokotseha.


Ho kile ha eba le dikgosi tse matla, tse ileng tsa busa Jerusalema le naha yohle e ka bophirimela ho noka ya Euferatese. Di ne di ntshetswa lekgetho, le sethabathaba, le lekgetho la thepa.


Ka selemo sa bosupa sa puso ya kgosi Aretaseresese, ba bang ba bana ba Iseraele, le baprista, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le basebeletsi ba Tempele, le bona ba nyolohela Jerusalema.


Ba bang le bona ba re: “Re adimile tjhelete ya ho ntsha lekgetho la kgosi, bakeng sa masimo a rona, le dirapa tsa rona tsa morara.


Ha Jesu a fetela pele, a bona monna ya bitswang Matheu a dutse tlung ya lekgetho. A re ho yena: “Ntatele!” Matheu a ema, mme a mo latela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ