Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 7:21 - BIBELE

21 “Nna, kgosi Aretaseresese, ke etsa taelo ho baboloki bohle ba matlotlo, ba ka bophirimela ho noka ya Euferatese, hore tsohle tseo moprista Esera, setsebi sa Molao wa Modimo wa mahodimo, a tla di kopa ho bona, ba mo nee tsona ntle ho tikatiko.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Mme nna ke le morena Artakserksese, ke laela lona bohle ba mose wane ho noka, ba bolokang matlotlo a ka, hore le phakise le etse kahohle kamoo Esdrase, moprista le mongodi ya masene molaong wa Modimo wa mahodimo o tla kopa kateng,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 7:21
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, kgosi, re o tsebisa hore haeba motse oo o ka fela wa tsoswa, mme marako a wona a phethwa, o ke ke wa hlola o sa busa ka bophirimela ho noka ya Euferatese.”


Ho kile ha eba le dikgosi tse matla, tse ileng tsa busa Jerusalema le naha yohle e ka bophirimela ho noka ya Euferatese. Di ne di ntshetswa lekgetho, le sethabathaba, le lekgetho la thepa.


Yaba Dariuse o ba araba ka lengolo, o re: “Jwale wena Tatenai, mmusisi wa naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, le wena Shetare-Bosenai, le metswalle ya lona, e leng bahlanka ba mmuso, ba ka bophirimela ho noka ya Euferatese, le emelle thoko.


Kamora tsena, mehleng ya puso ya Aretaseresese, kgosi ya Peresiya, ho ne ho ena le monna ya bitswang Esera, ya tswetsweng ke Seraya, Seraya ya tswetsweng ke Asariya, Asariya ya tswetsweng ke Hilekiya,


Ba mo nee silefera e sa feteng boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane, le koro e sa feteng boima ba dikilo tse dikete tse leshome, le dilethara tsa veine tse sa feteng dikete tse pedi, le dilethara tsa ole ya mohlwaare tsa sa feteng dikete tse pedi, le letswai le lengata hoo le ke keng la lekanngwa.


Esera enwa ke yena ya ileng a nyoloha Babilona. E ne e le setsebi sa Molao wa Moshe, oo Morena Modimo wa Iseraele, a ileng a fana ka wona. Kahobane Morena Modimo wa hae, a ne a mo hlohonolofaditse, kgosi Aretaseresese a mo nea tsohle tseo a neng a di kopa.


Ba neelana ka ditaelo tsa kgosi ho balebedi ba kgosi, le ho babusi ba naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese. Bao ba thusa setjhaba, ba thusa le Tempele ya Morena.


Ka boela ka re ho kgosi: “Haeba kgosi e ka kgahlwa, a nke ke newe mangolo a yang ho babusi ba naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, e le hore ba tle ba ntumelle ke fete, ke be ke yo fihla naheng ya Juda.


O re neile ditaelo tsa hao, hore re di boloke ka ho tlala.


“Ke etsa taelo ya hore dinaheng tsohle tse pusong ya ka, batho ba tshabe, mme ba hlomphe Modimo wa Daniele. “Ke Modimo ya phelang, ya phelang kamehla yohle, mmuso wa hae o ke ke wa timetswa, matla a hae a ke ke a fediswa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ