Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 7:14 - BIBELE

14 O rometswe ke kgosi le baeletsi ba yona ba supileng, ho ya fuputsa ditaba tsa Juda le tsa Jerusalema, mabapa le Molao wa Modimo wa hao, o letsohong la hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 O rongwa ke morena le banna ha hae ba supileng ba lekgotla ho ya hlahloba Juda le Jerusalema, kamoo ho laetsweng molaong wa Modimo wa hao kateng oo o o tshwereng matsohong a hao;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 7:14
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

E mong le e mong wa setjhaba sa hae, ya teng mona hara lona, ke re Modimo wa hae a ke a be le yena, mme eo a nyolohele Jerusalema e naheng ya Juda, a yo haha Tempele ya Morena Modimo wa Iseraele. Ke yena Modimo ya leng Jerusalema.


“Kgosi e ke e tsebe hore re ile ra ya naheng ya Juda, Tempeleng ya Modimo e moholo. Tempele eo e ntse e hahwa ka majwe a maholo, mme maboteng a yona ho ntse ho manehwa mapolanka. Mosebetsi oo o etswa ka makgethe, mme o a atleha.


Modimo ya kgethileng Jerusalema hore a kgumamellwe teng, a ke a timetse dikgosi tsohle, le ditjhaba tsohle, tse tla kenya letsoho ho fetola kapa ho senya Tempele ena ya Modimo, e Jerusalema. “Ya laelang jwalo ke nna, Dariuse. Taelo ena e phethwe ka ho tlala.”


“Hape ke le laela seo le tshwanetseng ho se etsetsa baholo ba Bajuda, malebana le ho hahwa ha Tempele ena ya Modimo. “Ditshenyehelo tsa bona di ntshwe letloleng la kgosi, e leng lekgethong le tswang ho baahi ba naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, e le hore mosebetsi o se ke wa kgaotsa.


O nke le silefera le kgauta, eo ka yona kgosi le baeletsi ba yona ba etsetsang Modimo wa Iseraele, eo Tempele ya hae e leng Jerusalema, mpho ya boithaopo.


ya entseng hore ke hauhelwe ke kgosi, le baeletsi ba yona, le mahosana wohle a yona, a matla. Ke ile ka matlafala, hobane Morena Modimo wa ka, o ile a ntlhohonolofatsa, mme ka bokella banna ba Iseraele ba ka sehloohong, ba nyoloha le nna.”


Ka ba lekanyetsa silefera, le kgauta, le thepa, e leng tseo kgosi, le baeletsi ba yona, le mahosana a yona, le Baiserale bohle ba neng ba le teng moo, ba faneng ka tsona, e le nyehelo ya Tempele ya Modimo wa rona.


Bao e neng e le diphatho tsa kgosi ke bana: Kareshena, le Shetare, le Ademata, le Tarashishe, le Merese, le Maresena, le Memukane, e leng mahosana a supileng, a tswang Peresiya le Media, wona matona a neng a ema kapele ho kgosi, mme e le wona a ka sehloohong mmusong.


Hlahlobang molao le bopaki ba ka! Haeba ba sa bue ho ya ka dipolelo tsena, ke hobane ha ho na lesedi le ba tjhabelang.


Kgosi ya re ho Daniele: “Kannete Modimo wa lona ke Modimo wa medimo, ke Morena wa dikgosi, ke mosenodi wa diphiri, hobane ke mona o tsebile ho senola sephiri sena.”


Ha e fihla mokoting o moholo wa ditau ya howeletsa Daniele e tshwenyehile, ya re: “Daniele wee! mohlanka wa Modimo ya phelang, na Modimo wa hao eo o mo sebeletsang ka botshepehi o o pholositse ditaung?”


“Ke etsa taelo ya hore dinaheng tsohle tse pusong ya ka, batho ba tshabe, mme ba hlomphe Modimo wa Daniele. “Ke Modimo ya phelang, ya phelang kamehla yohle, mmuso wa hae o ke ke wa timetswa, matla a hae a ke ke a fediswa.


“Amohela dimpho tsa silefera le tsa kgauta ho ba kgutlang Babilona, bothopuweng, e leng bo-Heledai, le Tobiya, le Jedaya. Ha o qeta ho di amohela o ye ha Josiya, mora wa Sofonea.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ