Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 7:13 - BIBELE

13 “Mona ke etsa taelo ya hore ofe kapa ofe wa setjhaba sa Iseraele, mmoho le baprista ba sona, le Balevi, ya pusong ya ka, ya ithaopelang ho nyolohela Jerusalema, a tsamaye le wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ke laela hore bohle ba mmusong wa ka, bao e leng ba setjhaba sa Iseraele, le baprista ba bona le Balevi, ba ratang ho kgutlela Jerusalema ka thato ya bona le wena, Esdrase, ke re ba ka tsamaya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 7:13
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba etsa taelo ya hore naheng yohle ya Iseraele, ho tloha Beeresheba ho ya fihla Dane, ho phatlalatswe hore batho ba tle Jerusalema ho tla etsetsa Morena Modimo wa Iseraele, mokete wa Paseka, hobane e ne e le ba mmalwana feela ba neng ba e keteka jwalokaha ho ngotswe.


E mong le e mong wa setjhaba sa hae, ya teng mona hara lona, ke re Modimo wa hae a ke a be le yena, mme eo a nyolohele Jerusalema e naheng ya Juda, a yo haha Tempele ya Morena Modimo wa Iseraele. Ke yena Modimo ya leng Jerusalema.


“ ‘Empa ka selemo sa pele sa puso ya hae, Siruse, kgosi ya Babilona, o ile a laela hore ho hahwe Tempele ena ya Modimo.


Kgosi Dariuse a laela hore ho fuputswe ka tlung ya dibuka e Babilona, eo ho bolokwang matlotlo ka ho yona.


Maqosa a matha ka potlako, a susumetswa ke taelo ya kgosi, mme taelo eo ya phatlalatswa Shushane, motseng wa bokgosi. Jwale kgosi le Hamane ba dula, ba enwa, empa motse wa Shushane wona o ne o ferekane.


Yaba kgosi e laela hore ho etswe jwalo. Ha ntshwa taelo Shushane, mme bara ba Hamane ba leshome ba fanyehwa.


Setjhaba sa hao se tla ithaopa, mohla o futuhelang dira tsa hao. Jwaloka phoka e lalang kameso, bahlankana ba tla tla ho wena maralleng a halalelang.


O entse hore di be teng kamehla le mehla, a di beela taelo eo di ke keng tsa e tlola.


“Ke etsa taelo ya hore dinaheng tsohle tse pusong ya ka, batho ba tshabe, mme ba hlomphe Modimo wa Daniele. “Ke Modimo ya phelang, ya phelang kamehla yohle, mmuso wa hae o ke ke wa timetswa, matla a hae a ke ke a fediswa.


hobane ho rata le ho phetha ha lona ho sebetswa ka ho lona ke Modimo, ka ho ya ka boithatelo ba hae.


Moya le monyaduwa ba re: “Tloo.” Ya utlwang le yena a ke a re: “Tloo.” Ya nyorilweng a ke a tle; ya ratang a ke a nwe metsi a bophelo, a fanwang feela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ