Esdrase 6:8 - BIBELE8 “Hape ke le laela seo le tshwanetseng ho se etsetsa baholo ba Bajuda, malebana le ho hahwa ha Tempele ena ya Modimo. “Ditshenyehelo tsa bona di ntshwe letloleng la kgosi, e leng lekgethong le tswang ho baahi ba naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, e le hore mosebetsi o se ke wa kgaotsa. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)8 Hape, ke laela e le nna bakeng sa kamoo le tshwanetseng ho etsetsa baholo bao ba Bajuda kateng, hore ntlo eo ya Modimo e fele e tle e hahuwe; ke re, tjhelete tsa morena tsa lekgetho le tswang mose wane ho noka di hle di newe banna bao, ba tle ba se ke ba thibelwa ke letho. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Baholo ba Bajuda ba nna ba tswela pele ho haha, mme ba atleha ho ya kamoo bo-moporofeta Hagai le Sakariya, mora wa Ido, ba neng ba ba kgothatsa kateng. Ba haha Tempele, ba ba ba e qeta, ho ya ka taelo ya Modimo wa Iseraele, le ho ya ka ditaelo tsa Siruse, le Dariuse, le Aretaseresese, dikgosi tsa Peresiya.