Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 6:5 - BIBELE

5 Thepa ya Tempele ya Modimo, e entsweng ka kgauta, le e entsweng ka silefera, eo Nebukadenesare a neng a e nke ka Tempeleng e Jerusalema, a e isa Babilona, e kgulisetswe Tempeleng e Jerusalema, e bewe ditulong tsa yona, ka Tempeleng ya Modimo.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Haele mesebetsi ya kgauta le ya silefera ya ntlo ya Modimo, eo Nebukadnesare a neng a e ntshe tempeleng ya Jerusalema, a ba a tla le yona Babilona, e ke e buswe, e iswe tempeleng ya Jerusalema, o mong le o mong o bewe setsheng sa wona, mme o tla e bea hona tlung ya Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 6:5
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwalokaha Morena a ne a ile a bolela, Nebukadenesare a hahara matlotlo wohle a Tempele ya Morena, le matlotlo a ntlo ya kgosi. A pshatla dintho tsohle tsa kgauta, tseo Solomone, kgosi ya Iseraele, a neng a di etseditse Tempele ya Morena.


Ha selemo se thwasa, kgosi Nebukadenesare a mo romela maqosa, a mo isa Babilona le thepa ya bohlokwa ya Tempele ya Morena, mme a bea Sedekia, ngwanabo, hore e be kgosi ya Juda le Jerusalema.


Thepa yohle ya Tempele ya Morena, e kgolo le e nyenyane, le matlotlo a Tempele ya Morena, le matlotlo a kgosi, le a mahosana a yona, tsena tsohle a di isa Babilona.


Thepa e entsweng ka silefera, le e entsweng ka kgauta, e neng e le ka Tempeleng ya Modimo, eo Nebukadenesare a neng a e nke ka Tempeleng a neng e le Jerusalema, a e isa tempeleng ya Babilona, yona thepa eo, kgosi Siruse o ile a e ntsha ka tempeleng ya Babilona, a e nea monna ya bitswang Sheshebasare, eo a neng a mmeile hore e be mmusisi.


Le ho baprista le setjhaba sohle ka bua, ka re: “Morena o re: Le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba lona, ba le porofetelang, ba re: ‘Bonang, haufinyane thepa ya Tempele ya Morena e tla kgutliswa Babilona,’ hobane ba le porofetela leshano.


Molaodi wa balebedi a nka le dipane le dikotlolo, le dipitsa le didulwana tsa mabone, le dikgaba le mehope, le dintho tse ding tse entsweng ka kgauta le ka silefera.


Morena a neelana ka Jehoyakime, kgosi ya Juda, matsohong a Nebukadenesare; a ba a neelana le ka thepa e nngwe ya Tempele ya Modimo. Thepa eo Nebukadenesare o ile a e isa naheng ya Babilona, a e bea ka tempeleng ya modimo wa hae, ka tlung ya polokelo ya matlotlo a modimo wa hae.


Ha Beleshasare a ntsa enwa veine, a laela hore dinwelo tsa kgauta le tsa silefera, tseo ntatae Nebukadenesare, a neng a di nke ka Tempeleng e neng e le Jerusalema, di tliswe, e le hore kgosi le mahosana a yona, le basadi ba yona, le basadi ba yona ba mafielo, ba tle ba nwele ho tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ