Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 6:17 - BIBELE

17 Moketeng ona wa ho kgakola Tempele ya Modimo, ba ile ba nyehela ka dipohwana tse lekgolo, le ka dipheleu tse makgolo a mabedi, le ka dikonyana tse makgolo a mane. Bakeng sa nyehelo e tlosang sebe sa Baiseraele bohle, ba nyehela ka diphooko tse leshome le metso e mmedi, ho latela palo ya merabe ya Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 kgakolong ya ntlo eo ya Modimo, ba hlaba poho tse lekgolo le le leng, le dipheleu tse makgolo a mabedi, le dikonyana tse makgolo a mane, le diphooko tse leshome le metso e mmedi tsa sehlabelo sa sebe sa Baiseraele bohle, ka palo ya meloko ya Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 6:17
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Elia a nka majwe a leshome le metso e mmedi, ho lekanya palo ya merabe ya bana ba Jakobo, eo lentswe la Morena le neng le fihle ho yena, la re: “Lebitso la hao e tla ba Iseraele.”


Bo-kgosi Solomone le setjhaba sohle sa Baiseraele, ba etsetsa Morena sehlabelo.


Baprista ba di hlaba, mme ba isa madi a tsona aletareng, e le nyehelo e etsetsang Baiseraele bohle tefelo ya sebe, hobane kgosi e ne e ile ya laela hore nyehelo ya setjheso, le nyehelo e tlosang sebe, di etsetswe setjhaba sohle sa Iseraele.


Kgosi Solomone a nyehela ka dipohwana tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi, le ka dikgutshwane tse dikete tse lekgolo le mashome a mabedi. Jwale kgosi, mmoho le setjhaba, ya kgakola Tempele ya Morena.


Bao e neng e le bathopuwa ba etsetsa Modimo wa Iseraele dinyehelo tsa setjheso ka dipohwana tse leshome le metso e mmedi, le ka dipheleu tse mashome a robong a metso e tsheletseng, le ka dikonyana tse mashome a supileng a metso e supileng, e le nyehelo ya Baiseraele bohle. Ba etsa le nyehelo ya sebe ka diphooko tse leshome le metso e mmedi. Tsena tsohle e ne e le nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena.


Ha a elellwa sebe sena seo a se entseng, o tla tlisa nyehelo ya podi ya sethole, e se nang sepha, ka baka la sebe sa hae.


“ ‘Haeba ya etsang sebe e le moprista ya tlotsitsweng, mme kahoo a dihela setjhaba sebeng, o tla tlisetsa Morena pohwana e se nang sepha, mme a etse sehlabelo ka baka la sebe sa hae.


hore le je, le nwe tafoleng ya ka Mmusong wa ka. Le tla dula diteroneng le ahlole meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.”


O ne o sireleditswe ke lerako le letenya, le phahameng, le nang le dikgoro tse leshome le metso e mmedi, tse lebetsweng ke mangeloi a leshome le metso e mmedi. Dikgorong ho ne ho ngotswe mabitso, e leng mabitso a meloko e leshome le metso e mmedi ya bara ba Iseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ