Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 6:15 - BIBELE

15 Ka letsatsi la boraro la kgwedi ya Hlakubele, e leng ka selemo sa botshelela sa puso ya kgosi Dariuse, Tempele ena ya qetwa ho hahuwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Mme ntlo eo ya phethwa ka tsatsi la boraro la kgwedi ya Adare, e leng ka selemo sa botshelela sa ho busa ha morena Dariuse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 6:15
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Solomone a etsetsa Morena sehlabelo sa teboho ka dipholo tse dikete tse pedi le mashome a mabedi, le ka dikgutshwane tse dikete tse lekgolo le mashome a mabedi. Yaba kgosi le bana bohle ba Iseraele ba kgakola ntlo ena ya Morena.


Mosebetsi wa ho haha Tempele ya Morena Jerusalema, wa kgaotsa. Wa kgaotsa jwalo ho fihlela ka selemo sa bobedi sa puso ya Dariuse, kgosi ya Peresiya.


“ ‘Jwale Sheshebasare eo o ile a fihla, a rala motheo wa Tempele ya Modimo e Jerusalema. Ho tloha mohlang oo, ho fihlela kajeno, haesale e ntse e hahuwa, empa ha e eso fele.


Re ne re le makgoba, empa Modimo wa rona ha a a ka a re tlohela bokgobeng boo ba rona; o entse hore dikgosi tsa Peresiya di re hauhele, re tsohe molota, re tle re hahe Tempele ya Modimo wa rona, re e lokise moo e senyehileng teng, ho sireletswe Juda le Jerusalema.


Maqosa a isa mangolo ana dinaheng tsohle tsa kgosi, hore ka tsatsi le le leng, la leshome le metso e meraro la kgwedi ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Hlakubele, ho tle ho timetswe, ho bolawe, ho ripitlwe Bajuda bohle, ba batjha le maqheku, masea le basadi, mme ho hapuwe tsohle tsa bona.


Ka kgwedi ya pele, e leng kgwedi ya Mmesa, selemong sa leshome le metso e mmedi sa puso ya Ahashuerushe, ha etswa Pure, e leng lotho, moo Hamane a ntseng a le teng. Hona ha nna ha etswa ka tsatsi le leng le le leng la kgwedi e nngwe le e nngwe, ho ya fihla kgweding ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Hlakubele.


Hona ho etsahale ka letsatsi le le leng, dinaheng tsohle tse buswang ke kgosi Ahashuerushe; letsatsi leo e be la leshome le metso e meraro la kgwedi ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Hlakubele.


Ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Hlakubele, taelo le molao wa kgosi o ne o lokela ho phethahatswa. Ka letsatsi lena, dira tsa Bajuda di ne di tshepile hore di tla ba hlola, empa ditaba tsa fetoha, ya eba Bajuda ba hlolang dira tsa bona.


Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya Hlakubele, Bajuda ba Shushane ba kgobokana, mme ba bolaela batho ba makgolo a mararo hona moo Shushane, empa ba se ke ba hapa thepa ya bona.


Tsena di etsahetse ka letsatsi la leshome le metso e meraro la yona kgwedi eo, mme ka letsatsi la leshome le metso e mene ba phomola, ya eba letsatsi la mokete le la thabo.


Kahoo Bajuda ba ahileng metsaneng a ka mathoko ba etsa hore letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya Hlakubele, e be letsatsi la thabo le la mokete, letsatsi le monate, la ho abelana dimpho.


hore ka selemo le selemo ba hopole letsatsi la leshome le metso e mene, le la leshome le metso e mehlano, la kgwedi ya Hlakubele;


Ka kwedi ya borobedi ya selemo sa bobedi sa puso ya Dariuse, lentswe la Morena la fihla ho moporofeta Sakariya, mora wa Berekiya, setloholo sa Ido, la re:


“Ka baka leo, Morena o bua tjena: ‘Ke kgutletse Jerusalema ho tla e hauhela, mme Tempele ya ka e tla tsoswa,’ ho rialo Morena wa mabotho. ‘Le kgwele e methang e tla otlollelwa hodima Jerusalema,’ ho rialo Morena wa mabotho.


“Serubabele o hahile motheo wa Tempele ena ka matsoho a hae, mme o tla be a qete ho e haha ka wona matsoho ao a hae. Ke moo le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme ho lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ