Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 6:12 - BIBELE

12 Modimo ya kgethileng Jerusalema hore a kgumamellwe teng, a ke a timetse dikgosi tsohle, le ditjhaba tsohle, tse tla kenya letsoho ho fetola kapa ho senya Tempele ena ya Modimo, e Jerusalema. “Ya laelang jwalo ke nna, Dariuse. Taelo ena e phethwe ka ho tlala.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Modimo o beileng lebitso la wona teng, o dihe morena e mong le e mong le setjhaba se seng le se seng, se tla otlolla letsoho ho kgelosa taba tsena, le ho senya ntlo eo ya Modimo o Jerusalema. Ke le Dariuse, ke laetse tsena; a di ke di etswe hona jwale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 6:12
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a re ho Solomone: “Ke utlwile thapelo ya hao le kopo ya hao, tseo o di entseng ho nna. Ke halaleditse ntlo ena, eo o e hahileng hore e be ya ka kamehla yohle. Ke tla e lebela, ke e boulele kamehla yohle.


Ke kgethile Tempele ena, ka e halaletsa, e le hore ke tle ke dule ka ho yona kamehla yohle. Ke tla e baballa, ke e rate kamehla yohle.


Yaba bo-Tatenai, mmusisi wa naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, le Shetare-Bosenai, le metswalle ya bona, ba phetha ka ho tlala tsohle tseo kgosi Dariuse a ba laetseng tsona.


Baholo ba Bajuda ba nna ba tswela pele ho haha, mme ba atleha ho ya kamoo bo-moporofeta Hagai le Sakariya, mora wa Ido, ba neng ba ba kgothatsa kateng. Ba haha Tempele, ba ba ba e qeta, ho ya ka taelo ya Modimo wa Iseraele, le ho ya ka ditaelo tsa Siruse, le Dariuse, le Aretaseresese, dikgosi tsa Peresiya.


O nke le silefera le kgauta, eo ka yona kgosi le baeletsi ba yona ba etsetsang Modimo wa Iseraele, eo Tempele ya hae e leng Jerusalema, mpho ya boithaopo.


“Ka tjhelete ena o hlokomele hore o reke dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, mmoho le dinyehelo tsa tsona tsa dijo, le dinyehelo tsa tsona tsa dino, mme ka tsena o etsetse nyehelo hodima aletare ya Tempele ya Morena Modimo wa hao, e Jerusalema.


Mang kapa mang ya sa phetheng Molao wa Modimo wa hao, le molao wa kgosi, a fele a ahlolwe; e ka ba ka ho mo ahlolela lefu, kapa ka ho mo falatsa, kapa ka ho mo ja thepa, kapa ka ho mo kenya tjhankaneng.”


Maqosa a palameng dipere tsa kgosi, tsa madi, tse lebelo, a palama ka potlako, a kgannwa ke taelo ya kgosi. Taelo ena ya phatlalatswa le Shushane, tlung ya kgosi.


Melomong ya dira tsa ka ha ho nnete e tswang, dipelong tsa tsona di rera ho timetsa, mmetso ya tsona ke lebitla le ahlameng, maleme a tsona a monate.


“ ‘O tla nketsetsa aletare e bopilweng ka mobu, mme hodima yona o etsetse mahlabelo a ditjheso, le mahlabelo a hao a teboho, e leng dinku tsa hao, le dikgomo tsa hao. Dibakeng tsohle tseo ke di kgethileng, hore a nkgumamelle ho tsona, ke tla tla ho uena, ke o hlohonolofatse.


Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Tjhaba sa mmuso o ke keng wa o sebeletsa, se tla timela, e, tjhaba seo se tla fela se timelle ruri.


“Kaha o no hlekefetse ngwaneno Jakobo, dihlong di tla o aparela, wena o timele, o timelle ruri!


A botsa, a re: “O mang, Morena?” Lentswe la re: “Ke nna Jesu, eo o mo hlorisang,


Sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha e le moo a tla dula teng, ke ho sona le tlang ho isa tsohle tseo ke le laetseng tsona: dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le mahlabelo a lona, le karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, le dinyehelo tsa lona tse akgotswang, le dikano tsa lona tse kgethehileng, tseo le di etseditseng Morena.


Empa le tla batla sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha merabeng yohle ya lona, e leng sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla ba ho sona, a dule ho sona. Le ye sebakeng seo.


Le tla nyehella Morena Modimo wa lona, ka Paseka, sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha hore a dule ho sona; e be dinku le dikgomo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ