Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 5:15 - BIBELE

15 Siruse a ba a re ho yena: “Nka thepa ena, o tsamaye, o yo e bea ka Tempeleng e Jerusalema, mme o hlokomele hore Tempele ya Modimo e hahwe setsheng sa yona sa pele!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 A re ho yena: Nka mesebetsi ena, o ye le yona, mme o e bee tempeleng ya Jerusalema, mme ntlo ya Modimo e fele e tsoswe setsheng sa yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 5:15
5 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Siruse, kgosi ya Peresiya, o bua tjena: ‘Morena Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe, mme o ntaetse hore ke mo hahele Tempele Jerusalema, naheng ya Juda.


Le hoja ba ne ba tshaba ditjhaba tsa dinaha tseo, ba haha aletare setsheng sa yona sa pele, mme hodima yona ba nyehella Morena ka dinyehelo tsa setjheso, e leng dinyehelo tsa setjheso tsa hoseng le tsa mantsiboya.


Thepa e entsweng ka silefera, le e entsweng ka kgauta, e neng e le ka Tempeleng ya Modimo, eo Nebukadenesare a neng a e nke ka Tempeleng a neng e le Jerusalema, a e isa tempeleng ya Babilona, yona thepa eo, kgosi Siruse o ile a e ntsha ka tempeleng ya Babilona, a e nea monna ya bitswang Sheshebasare, eo a neng a mmeile hore e be mmusisi.


“ ‘Jwale Sheshebasare eo o ile a fihla, a rala motheo wa Tempele ya Modimo e Jerusalema. Ho tloha mohlang oo, ho fihlela kajeno, haesale e ntse e hahuwa, empa ha e eso fele.


“Ka selemo sa pele sa puso ya hae, kgosi Siruse a etsa taelo malebana le Tempele ya Modimo e Jerusalema. Taelo eo e ne e re: ‘Ho hahwe Tempele, e leng sebaka seo ho tla nyehellwa mahlabelo ho sona, mme metheo ya yona e tiye. Bophahamo ba yona e be dimethara tse mashome a mabedi a metso e supileng, bophara ba yona e be dimethara tse mashome a mabedi a metso e supileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ