Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 4:22 - BIBELE

22 Hlokomelang, le se ke la fosa taelo ena, esere bobe bona ba tota, mme ba hlahisetsa dikgosi kotsi!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Le iponele, le se ke la ba botswa tabeng eo; marena a ne a tla senyehelwa ka baka lang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 4:22
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Kgosi a e ke e tsebe hore haeba motse ona o ka fela wa tsoswa, mme marako a wona a phethwa, baahi ba wona ba ke ke ba hlola ba sa lefa lekgetho, le sethabathaba, le lekgetho la thepa, mme tjhelete ya kgosi e tla fokotseha.


Laelang batho bao hore ba kgaotse, motse oo o se ke wa tsoswa, ho fihlela nna nka etsa taelo.


Hoba lengolo lena la kgosi Aretaseresese le ballwe bo-Rehume, le Shimeshai wa mongodi, le metswalle ya bona, yaba ba potlakela Jerusalema ho Bajuda, ba fihla ba thibela mosebetsi wa bona ka dikgoka, le ka ho ba kgahlapetsa.


Kahodimo ho mahosana ana a bea baokamedi ba bararo, mme Daniele e ne e le e mong wa bona. Mahosana a ne a ikarabella ho bona, e le hore kgosi e se ke ya senyehelwa ke letho.


Daniele a ikgetha hara baokamedi le mahosana, hobane moya wa bohlale o ne o le ka ho yena. Kahoo kgosi ya rera ho mo etsa mookamedi wa puso yohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ