Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 4:17 - BIBELE

17 Yaba kgosi Aretaseresese o romela karabo ena ho bo-Rehume wa mmusisi, le Shimeshai wa mongodi, le ho metswalle yohle ya bona e ahileng Samaria, le ho bohle ba ahileng ka bophirimela ho noka ya Euferatese: “Kgotso!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Yaba morena o romela karabo e reng: Ho Rehume, motsamaisi wa lekgotla, le ho Shimshai, mongodi, le ho balekane ba bang ba bona ba ahileng Samaria, le ho ba bang ba mose wane ho noka, kgotso e be teng! Jwalojwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 4:17
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, kgosi, re o tsebisa hore haeba motse oo o ka fela wa tsoswa, mme marako a wona a phethwa, o ke ke wa hlola o sa busa ka bophirimela ho noka ya Euferatese.”


“Re baletswe lengolo la lona ka mokgwa o hlakileng.


Le mehleng ya Aretaseresese, bo-Bishelame, le Miteredate, le Tabeele, le metswalle yohle ya bona, ba ngolla Aretaseresese, kgosi ya Peresiya, lengolo le ngotsweng ka ditlhaku tsa Searame, ka puo ya Searame.


Lengolo lena le neng le rometswe ho kgosi le ne le re: “Kgotso yohle e be le kgosi Dariuse!


“Le tswa ho Aretaseresese, kgosi ya dikgosi, le ya ho moprista Esera, Setsebi sa Molao wa Modimo wa mahodimo: Kgotso e be le wena!


Kgosi Nebukadenesare a romela molaetsa ho batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle ba ahileng lefatsheng lohle, a re: “Kgotso e ke e le atele!


Yaba kgosi Dariuse o ngolla ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba lefatsheng lohle, o re: “Kgotso e ke e le atele!


“Tlung efe le efe eo le kenang ho yona, le qale ka ho re: ‘Kgotso e be tlung ena!’


“Nna, Tlelaudiose Losiase, ke dumedisa Mohlomphehi ya kgabane, mmusisi Felekise.


Ke dumedisa ba leng Roma, bao Modimo a ba ratang, ba bitseditsweng ho ba bahalaledi, ke re: Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona le ya Morena Jesu Kreste di ke di be le lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ