Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 4:13 - BIBELE

13 “Kgosi a e ke e tsebe hore haeba motse ona o ka fela wa tsoswa, mme marako a wona a phethwa, baahi ba wona ba ke ke ba hlola ba sa lefa lekgetho, le sethabathaba, le lekgetho la thepa, mme tjhelete ya kgosi e tla fokotseha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ha ho le jwalo, ho ke ho tsejwe ke morena hore, ha efela motse ono o ka tsoswa, le marako a wona a ka phethwa, ha ba sa tla ntsha lekgetho le sethabathaba le kabelo, mme kahoo bobolokelo ba morena bo tla senyehelwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 4:13
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, erekaha re phela ka kgosi, mme re sa rate ho bona ha kgosi e hlomphollwa, ke ka lebaka lena re romelang kgosi molaetsa ona, hore e tsebe,


Ho kile ha eba le dikgosi tse matla, tse ileng tsa busa Jerusalema le naha yohle e ka bophirimela ho noka ya Euferatese. Di ne di ntshetswa lekgetho, le sethabathaba, le lekgetho la thepa.


Hape re le tsebisa hore malebana le baprista, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le basebeletsi ba Tempele, kapa basebeletsi ba bang ba Tempele ya Modimo, molao ha o dumelle hore ba ntshiswe lekgetho, kapa sethabathaba, kapa lekgetho la thepa ya kgwebo.


Ba bang le bona ba re: “Re adimile tjhelete ya ho ntsha lekgetho la kgosi, bakeng sa masimo a rona, le dirapa tsa rona tsa morara.


Le hoja baikgohomosi ba nneta ka leshano, ke tla boloka ditaelo tsa hao, ke di boloke ka pelo ya ka yohle.


ya mohla Doege, Moedomo, a neng a tlilo tsebisa Saule hore Davida o kene tlung ya Abimeleke.


A re: “E, o a le ntsha.” Ha Petrose a kena ka tlung, Jesu a mo raka, a re: “Wena o reng, Simone? Mahosi a lefatshe a bokella lekgetho la kgwebo kapa la monna ho bomang? Ho bara ba wona kapa ho baditjhaba?”


Ha Jesu a fetela pele, a bona monna ya bitswang Matheu a dutse tlung ya lekgetho. A re ho yena: “Ntatele!” Matheu a ema, mme a mo latela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ