Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 4:12 - BIBELE

12 Kgosi a e ke e tsebe hore Bajuda ba tswang moo ho wena, ba tlileng mona ho rona, ba fihlile Jerusalema. Ba ntse ba tsosa motse ona wa mahlabaphiyo, o kgopo. Ba hahile motheo, mme ba se ba qetela ho haha marako.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ho ke ho tsejwe ke morena hore Bajuda ba tlohileng ho wena, ba ba ba tla ho rona Jerusalema, ba haha motse o ikgantshang, o mobe, hape ba se ba ya phetha marako, mme ba tsosa metheo ya wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 4:12
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O re o na le boeletsi le bonatla ntweng, empa polelo ena ke ya molomo feela. Ebe o tshepile mang, ha o mphetohetse tjee?


Ha Jehoyakime a ntse a busa, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a mo futuhela, mme a mo hlola; Jehoyakime ya eba mohlanka wa hae ka dilemo tse tharo. Hamorao Jehoyakime a fetohela Nebukadenesare.


Sedekiya a fetohela kgosi Nebukadenesare, ya neng a ile a mo hlapantsha ka Modimo. Empa Sedekiya a satalatsa molala, a thatafatsa pelo ya hae, a se ke a kgutlela ho Morena Modimo wa Iseraele.


Kopi ya lengolo leo ba ileng ba le ngola ke ena: “Ho kgosi Aretaseresese. “Rona, bahlanka ba hao, ba ahileng ka bophirimela ho noka ya Euferatese, re re:


e tle e fuputse dibukeng tsa diketsahalo tsa baholoholo ba yona. Etlare ha o ntse o fuputsa, o tla fumana hore motse ona ke wa mahlabaphiyo, o kotsi ho dikgosi le dinaha tsa tsona, le hore ka nako e fetileng motse ona o ile wa tsosa setsokotsane sa bohlabaphiyo, mme ke ka baka leo o ileng wa timetswa.


Ke laetse hore ho fuputswe, mme ho fumanwe hore ka nako e fetileng motse ona o ile wa ikgohomosetsa dikgosi, wa tsosa bohlabaphiyo le bofetohedi.


Ka yona nako eo, bo-Tatenai, mmusisi wa naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, le Shetare-Bosenai, le metswalle ya bona, ba fihla ho bo-Serubabele, ba re ho bona: “Ke mang ya le laetseng ho haha Tempele ee, le ho qetela lerako lee?”


“Re ile ra botsa baholo bao, ra re ho bona: ‘Ke mang ya le laetseng ho haha Tempele ee, le ho qetela marako aa?’


Yaba ba re ho nna: “Masalla a setseng naheng e kamose wane, ha ba bang ba thopuwa, a hara ditlokotsi tse kgolo, le sekgobo. Lerako la Jerusalema le lona le heleditswe, le mamati a teng a tjhesitswe.”


Lengolong leo ho ne ho ngotswe, ho thwe: “Ho ntse ho bueha hara baditjhaba mona, mme le Gashemu o re ke nnete, hore lona mmoho le Bajuda, le ntse le rera ho fetohela mmuso. Ke ka lebaka lena le tsosang lerako, e le hore wena o tle o be kgosi ya bona, ho latela dipolelo tsena.


Yaba Hamane o re ho kgosi Ahashuerushe: “Dinaheng tsohle tsa mmuso wa hao, ho na le setjhaba se itseng, se hasahasaneng hara ditjhaba tsohle tse mmusong wa hao. Melao ya setjhaba seo e fapane le ya ditjhaba tsohle tse ding, mme setjhaba seo ha se boloke melao ya kgosi. Ka baka lena, kgosi e ke ke ya fumana molemo wa letho ka ho tlohela setjhaba seo.


Morena a halefela baahi ba Jerusalema le ba Juda, hoo a qeteletseng a ba lelekile kapele ho sefahleho sa hae. Yaba Sedekiya o fetohela kgosi ya Babilona.


Ka yona nako eo, Bakalatiya ba bang ba fihla ba qosa Bajuda.


“Ka baka lena tseba, o utlwisise: Ho tloha mohla ho phatlalatswang taelo, taelo ya hore Jerusalema e tsoswe, ho fihlela ha mmusi a fihla, mmusi ya tlotsitsweng, lemo tse supileng hasupa di tla feta. Jerusalema e tla tsoswa, e hahwe, ho betlwe diterata le marako a tsoswe; e tsitse dilemo lemo tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi hasupa, empa mehla ena e tla be le ya ditsietsi!


“Jerusalema, Jerusalema, wena ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba romilweng ho wena, ke hakae ke lakaditseng ho phutha bana ba hao jwalokaha kgoho e alama ditsuonyana tsa yona tlasa mapheo a yona, empa wa ikganela!


“Re fumana monna enwa a le kotsikotsi, a fehla moferefere hara Bajuda lefatsheng lohle, e bile e le moetapele wa mokga wa Banasaretha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ