Esdrase 3:13 - BIBELE13 Motho o ne a ke ke a kgetholla lerata la ditlatse tsa thabo ho lerata la seboko sa setjhaba, hobane setjhaba se ne se howeletsa haholo, hoo lerata la sona le neng le utlwahala hole. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)13 ho se motho hara setjhaba ya ka kgethang modumo wa ditlatse tsa thabo ho modumo wa ho lla ha setjhaba; hobane setjhaba se ne se etsa ditlatse tse kgolo, tseo modumo wa tsona o neng o utlwahala hole. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
ho tla boela ho utlwahala mehoo ya thabo le ya nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le mantswe a binang, ha ba tlisa nyehelo tsa teboho ka Tempeleng ya Morena, ba re: “ ‘Lebohang Morena wa mabotho, hobane Morena o lokile, mohau wa hae ke wa kamehla yohle,’ “hobane ke tla kgutlisa bathopuwa ba naha ena, mme ba tla ba jwaloka pele, ho rialo Morena.