Esdrase 3:11 - BIBELE11 Ba bina ba neeletsana, ka dihlopha tsa bona, ba rorisa, mme ba boka Morena, ba re: “O molemo, mohau wa hae ke wa kamehla yohle ho Baiseraele.” Setjhaba sohle, ha se rorisa Morena, sa howeletsa haholo, hobane motheo wa Tempele ya Morena o ne o radilwe. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)11 Ba dumelana ba ntse ba rorisa, ba boka Jehova, ba re: Hobane o molemo, hobane mohau wa hae ho Iseraele ke o sa feleng. Setjhaba sohle sa etsa ditlatse tse kgolo tsa ho rorisa Jehova ka taba ya hobane ho thewa metheo ya ntlo ya Jehova. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Baletsi ba diterompeta, le dibini, ba amohela pina jwalokaha eka ho bina motho a le mong, ba rorisa Morena. Ba ne ba tlatsitswe ke diterompeta, le matlheretlhere le diletsa tse ding, ba rorisa Morena, ba re: “Bokang Morena hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Yaba leru le tlala ka Tempeleng ya Morena.
ho tla boela ho utlwahala mehoo ya thabo le ya nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le mantswe a binang, ha ba tlisa nyehelo tsa teboho ka Tempeleng ya Morena, ba re: “ ‘Lebohang Morena wa mabotho, hobane Morena o lokile, mohau wa hae ke wa kamehla yohle,’ “hobane ke tla kgutlisa bathopuwa ba naha ena, mme ba tla ba jwaloka pele, ho rialo Morena.