Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 2:65 - BIBELE

65 ho sa balwe bahlanka le makgabunyane a bona a dikete tse supileng le makgolo a mararo le mashome a mararo a metso e supileng. Hara bona ho ne ho ena le dibini tsa banna le tsa basadi tse makgolo a mabedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

65 kantle ho makgoba a bona a banna le a basadi a neng a etsa dikete tse supileng tse nang le makgolo a mararo a mashome a mararo a metso e supileng; ba makgolo a mabedi ho bona e ne e le dibini tsa banna le tsa basadi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 2:65
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kajeno ke na le dilemo tse mashome a robedi; na nka hlola ke sa tseba ho kgetholla botle ho bobe? Kapa nka hlola ke sa utlwa monate wa seo ke se jang, kapa seo ke se nwang? Na nka hlola ke sa utlwa melodi ya banna ba binang, le ya basadi ba binang? Ebe jwale nka nna ka imetsa monga ka, kgosi ya ka, ka baka lefe?


Jeremia a qapela Josiya kodi-ya-malla, mme ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, dibini tsohle tsa banna le tsa basadi di ntse di bua ka Josiya ha di bina kodi-ya-malla eo, mme hona ya eba molao naheng ya Iseraele. Tsena di ngotswe Bukeng ya Kodi-ya-malla.


Setjhaba sohle ha se balwa se ile sa etsa dikete tse mashome a mane a metso e mmedi le makgolo a mararo le mashome a tsheletseng;


Palo ya dipere tsa bona e ne e le makgolo a supileng le mashome a mararo a metso e tsheletseng, le dimmeile tse makgolo a mabedi le mashome a mane a metso e mehlano;


ho sa balwe bahlanka le makgabunyane a bona, a dikete tse supileng, le makgolo a mararo, le mashome a mararo a metso e supileng. Hape ho ne ho ena le dibini tsa banna le tsa basadi tse makgolo a mabedi le mashome a mane a metso e mehlano.


Bohle ba bona mekoloko ya hao, Modimo, mekoloko ya Modimo wa ka, kgosi ya ka, mekoloko e kenang Sehalalelong.


Ka ipokellela silefera le kgauta, le matlotlo a dikgosi le a dinaha tse pusong ya ka. Ka iphumanela dibini tsa banna le tsa basadi, le dintho tsohle tseo batho ba ka ithabisang ka tsona, le basadi ba bangata.


Ha Jesu a fihla tlung ya mookamedi, mme a bona diletsi tsa makodilo le letshwele le tlatsang lerata,


Empa ha mohlanka eo a re ka pelong ya hae: ‘Monga ka o dieha ho fihla,’ ebe o qala ho otla bahlanka le makgabunyane, le ho ja, le ho nwa, le ho tahwa,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ