Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 2:43 - BIBELE

43 Basebeletsi ba Tempele e ne e le ditloholo tsa Siha, le tsa Hasufa, le tsa Tabaote,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

43 Haele Banethinime, ya eba bana ba Tsika, le bana ba Hasufa, le bana ba Thabaothe,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 2:43
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba pele ba ileng ba kgutla ho ya aha naheng ya bona le metseng ya bona e bile Baiseraele, le baprista, le Balevi, le bahlanka ba sebeletsang ka Tempeleng.


Ba malapa a balebedi ba Tempele, e leng ditloholo tsa Shalome, le Atere, le Talamone, le Akube, le Hatita, le Shobai, e ne e le lekgolo le mashome a mararo a metso e robong.


Basebeletsi ba Tempele, le ditloholo tsa bahlanka ba Solomone, e ne e le makgolo a mararo le mashome a robong a metso e mmedi.


Ka selemo sa bosupa sa puso ya kgosi Aretaseresese, ba bang ba bana ba Iseraele, le baprista, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le basebeletsi ba Tempele, le bona ba nyolohela Jerusalema.


Ka ba romela ho Ido, mmusisi wa sebaka se bitswang Kasipia, ka ba laela seo ba tshwanetseng ho se bolella Ido, le bana babo, e leng basebeletsi ba Tempele, ba sebakeng sona seo sa Kasipia, hore ba re tlisetse basebeletsi ba Tempele ya Modimo wa rona.


Ba ba romela le basebeletsi ba Tempele, bao bo-Davida le mahosana ba neng ba ba kgethetse ho thusa Balevi. Basebeletsi bohle ba Tempele ba ne ba le makgolo a mabedi le mashome a mabedi. Mabitso a bona bohle a ne a ngotswe bukeng.


Setjhaba sohle, le baprista, le Balevi, le balebedi ba menyako, le dibini, le basebeletsi ba Tempele, bohle bao ka baka la Molao wa Modimo ba ileng ba ikgetholla ho baahi ba dinaha tseo, le basadi ba bona, le bara ba bona, le baradi ba bona, e leng bohle ba nang le kutlwisiso,


Basebeletsi ba Tempele bona ba ne ba ahile Ofele, ba okametswe ke Siha le Gishepa.


Batho bana ke bona baetapele ba ileng ba aha Jerusalema. E ne e le Baiseraele ba bang, le baprista, le Balevi, le basebeletsi ba Tempele, le ditloholo tsa bahlanka ba Solomone, athe ba bang bona ba ile ba aha metseng ya habo bona, e naheng ya Juda.


Basebeletsi ba Tempele, ba neng ba phela Ofele, ba tsosa lerako ka nqa botjhabela, moo le tobaneng le Monyako wa Metsi, le tora e entseng motsu.


Balevi bona o ba nee Arone le bara ba hae; ke mo neile bona ka ho tlala hara bana ba Iseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ