Jwale a tloha moo, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele. A hloma tente ya hae hona teng, Bethele ya eba ka bophirimela, Ai ya eba ka botjhabela. A hahela Morena aletare hona moo, a rapela Morena.
“Bokolla, wena Heshebone, hobane Ai e timeditswe! Howeletsang lona baahi ba Raba! Aparang tse mahwashe, le hlomohe! Tjhalakang, le ye hohle kahara marako, hobane Milekome, modingwana bona, o tla thopuwa, a thopuwe le baprista le mahosana a hae.
Ha Joshua a le Jeriko a roma banna Ai, e pela Bete-Afene ka botjhabela ho Bethele. A bua ho bona, a re: “Tsamayang le yo hlwela naha.” Banna bao ba nyolohela teng, ba hlwela Ai.
Ha ho motho le ya mong Ai kapa Bethele, ya ileng a sala, a se ke a tswa ho phaladisa Baiseraele. Ba siya motse o sa sireletswa, ba phaladisa Baiseraele.
Joshua a ba romela jwalo. Ba ya moo ba tla lalla teng, ba lalla pakeng tsa Bethele le Ai, ka bophirimela ho Ai. Empa Joshua yena a hlola bosiu boo le bahlabani ba bang.