Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 10:18 - BIBELE

18 Bara ba baprista, ba ileng ba fumanwa ba nyetse basadi ba baditjhaba, ke bana: Hara bara ba Jeshua, mora wa Josadake, le ba bana babo, e ne e le Maasiya, le Eleesere, le Jaribe, le Gedaleya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ha fumanwa bara ba bang ba baprista ba nyetseng basadi basele. Ho bara ba Joshua, mora Jotsadake, le ho banababo, ke Maaseia, Eliesere, Jaribe, le Gedalia.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 10:18
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka letsatsi la pele la kgwedi ya pele, ba qeta ho hlahloba taba ya banna ba nyetseng basadi ba baditjhaba.


Ba ne ba tle le Serubabele, le Jeshua, le Nehemia, le Seraya, le Reelaya, le Moredekai, le Bileshane, le Misepara, le Bigifai, le Rehume, le Baana. Palo ya banna ba setjhaba sa Iseraele ke ena:


Baprista, e leng bara ba Jedaya, wa lelapa la Jeshua, e ne e le makgolo a robong le mashome a supileng a metso e meraro;


Jwale Jeshua, mora wa Josadake, a ema, a ena le bana babo, e leng baprista, le Serubabele, mora wa Shealetiele, le yena a ena le bana babo. Bana bohle ba haha aletare ya Modimo wa Iseraele, hore ba tle ba nyehelle dinyehelo tsa setjheso hodima yona, jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Moshe, moporofeta wa Modimo.


Ka kgwedi ya bobedi ya selemo sa bobedi ba fihlile Tempeleng ya Modimo Jerusalema, Serubabele, mora wa Shealetiele, le Jeshua, mora wa Josadake, le bana babo bona ba bang, e leng baprista le Balevi, le bohle ba fihlileng Jerusalema, bao e neng e le bathopuwa, ba qala mosebetsi. Ba kgetha Balevi, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, hore ba okamele mosebetsi wa ho haha Tempele ya Morena.


Yaba bo-Serubabele, mora wa Shealetiele, le Jeshua, mora wa Josadake, ba a ema, ba qala ho haha Tempele ya Morena, Jerusalema. Baporofeta ba Modimo ba ne ba ena le bona, ba ba thusa.


Ha dintho tsena di se di phethilwe, baetapele ba tla ho nna, ba re: “Setjhaba sa Iseraele, le baprista, le Balevi ha ba ya ikgetholla ho baahi ba dinaha tsena; ba etsa manyala a etswang ke Bakanana, le Bahete, le Baperise, le Bajebuse, le Baamone, le Bamoabe, le Baegepeta, le Baamore.


Ba nyallane le ditjhaba tseo; kahoo setjhaba sena se halalelang se kopantse madi a sona le madi a baditjhaba. Ba ka sehloohong ketsong ena ya bohlabaphiyo ke baetapele le babusi ba setjhaba.”


Jeshua a tswala Joyakime, Joyakime a tswala Eleashibe, Eleashibe a tswala Joyada,


E mong wa bara ba Joyada, setloholo sa Moprista e Moholo Eleashibe, e ne e le mokgwenyana wa Sanebalate wa Mohore. Yaba ke a mo leleka.


Esera, eo e neng e le Setsebi sa Molao o ne a eme hodima sethala se entsweng ka lehong, se etseditswe morero oo. Ka letsohong le letona la hae, ho ne ho eme Matiteya, le Shema, le Anaya, le Uriya, le Hilekiya, le Maasiya; ka letsohong le hae le letshehadi ho eme Pedaya, le Mishaele, le Malakiya, le Hashume, le Hashebadana, le Sekariya, le Meshulame.


Bo-Jeshua, le Bani, le Sherebiya, le Jamine le Akube, le Shabetai, le Hodiya, le Maasiya, le Keleta, le Asariya, le Josabada, le Hanane, le Pelaya, e leng Balevi, ba hlalosetsa setjhaba Molao, setjhaba sona se ntse se eme ditulong tsa sona.


Naha ena yohle e se e tletse difebe, ka baka la thohako naha e apere bofifi, makgulo a dithota a omeletse. Tsela tsa difebe tsena ke tse kgopo, matla a tsona ha a sebediswe ka toka.


“Baporofeta le baprista bobedi ba silafetse, e, ka tlung ya ka ke fumane bokgopo ba bona,” ho rialo Morena.


Hara baporofeta ba Jerusalema ke bone se tshosang: Ba etsa bofebe, ba phela ka ho bua mashano, ba bile ba kgothaletsa batho ho etsa bokgopo, hoo ho seng ya furallang bokgopo ba hae. Kaofela ha bona ho nna ba tshwana le ba Sodoma, baahi ba teng ba tshwana le ba Gomora hantle.”


Ba se ke ba nyala bahlolohadi kapa basadi ba hladilweng, empa ba nyale barwetsana bao e leng ditloholo tsa bana ba Iseraele, kapa bahlolohadi ba baprista.


“ ‘Moprista a se ke a nyala mosadi wa seotswa kapa ya silafetseng; le mosadi ya hlalaneng le monna wa hae a se ke a mo nyala, hobane moprista o a halalela ho Modimo wa hae.


Ka letsatsi la pele la kgwedi ya botshelela, ka selemo sa bobedi sa puso ya kgosi Dariuse, lentswe la Morena la fihla ka moporofeta Hagai ho Serubabele, mora wa Shealetiele, mmusisi wa Juda; le ho Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, la re:


Yaba Serubabele, mora wa Shealetiele, le Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, le masalla wohle a setjhaba, ba mamela lentswe la Morena Modimo wa bona, le molaetsa wa moporofeta Hagai, hobane a ne a ronngwe ke Morena Modimo wa bona. Setjhaba sa tshaba Morena haholo.


Empa jwale beta pelo, wena Serubabele!’ ho rialo Morena. ‘Beta pelo, wena Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo! Betang pelo, lona setjhaba sohle sa naha ena!’ ho rialo Morena. ‘Sebetsang, hobane ke na le lona,’ ho rialo Morena wa mabotho.


Morena a mpontsha Joshua, Moprista e Moholo, a eme kapele ho lengeloi la Morena, le Satane a eme ka letsohong le letona la Joshua, a itokisetsa ho mo qosa.


Ka silefera eo le ka kgauta eo o etse mofapahlooho, o o rwese Joshua, Moprista e Moholo, mora wa Josadake.


Basadi le bona ba be le boitlhompho, ba se bue batho hampe, ba be le boitshwaro dinong, mme ba tshepahale dinthong tsohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ