Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 40:35 - BIBELE

35 Jwale Moshe a sitwa ho kena ka Tenteng ya Morena, hobane leru le ne le e kgurumeditse, mme tlotla ya Morena e tletse ka Leahong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Esita le Moshe a sitwa ho kena tenteng ya pokano, hobane leru le ne le dutse hodima yona, le kganya ya Jehova e ne e tletse tabernakeleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 40:35
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare ha baprista ba etswa ka Sehalalelong, leru la tlala ka Tempeleng ya Morena,


hoo baprista ba ileng ba sitwa ho sebeletsa, hobane tlotla ya Morena e ne e tletse ka Tempeleng ya Morena.


Baprista ba ne ba sitwa ho kena ka Tempeleng ya Morena, hobane e ne e tletse tlotla ya Morena.


Yare ha Arone a ntse a bua le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, sa tadima lehwatateng, mme sa bona tlotla ya Morena e iponahatsa lerung.


Ke tla kopana le bana ba Iseraele hona teng, mme Tente ena ya Morena e tla halaletswa ke tlotla ya ka.


Thaba ya Sione mmoho le ba phuthehelang ho yona, motsheare Morena o tla e sireletsa ka leru le ka mosi, bosiu a e bonesetse ka kganare ya mollo, bohle ba sireletswe ke tlotla ya hae.


Ya phahameng, ya hodimodimo, yena ya phelang kamehla yohle, eo lebitso la hae le halalelang, o re: “Ke phela bakeng se phahameng, bakeng se halalelang, ya robehileng moya, ke phela le yena, le ya ikokobeditseng ke phela le yena, ke kgothatsa ya ikokobetsang, ke kgothatsa ya robehileng moya.


Modumo wa lentswe la se howeletsang wa sisinya ditshiya tsa menyako, mme Tempele ya tlala mosi.


Jwale tlotla ya Morena ya nyolohela hodimo, e etswa ho dikerubime, ya ya ema monyako wa Tempele. Leru la tlala Tempele, mme lebala la tlala ho phatsima ha tlotla ya Morena.


Tlotla ya Morena ya kena ka Tempeleng ka kgoro e shebileng botjhabela.


Morena a bua ho Moshe, a re: “Bolella moholwana wa hao Arone hore a se no kena ka Sehalalelong ka dinako tsohle, kamora lesira le siretseng sekwahelo sa tefelo ya sebe se hodima areka ya selekane e le hore a se ke a shwa, hobane ke tla iponahatsa hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe, ke le lerung.


Ha Moshe a kena ka Tenteng ya Morena ho ya bua le Modimo, a utlwa lentswe le buang ho yena, le etswa kahodima sekwahelo se hodima areka ya selekane, pakeng tsa dikerubime tse pedi, mme yaba le bua le yena.


Ka letsatsi leo ba neng ba hloma Tente ya Morena ka lona, leru la e kgurumetsa. Ka phirimana leru lena le ne le ye le ke kganare ya mollo hodima Tente ya Morena, ho fihlela hoseng.


Tempele ya tlala mosi o tswang tlotleng ya Modimo le matleng a hae, hoo ho neng ho se motho ya ka kenang ka tempeleng, dikotlo tse supileng tse tliswang ke mangeloi a supileng di eso phethahale.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ