31 Bo-Moshe le Arone, le bara ba Arone, ba ne ba ye ba hlatswe maoto a bona, ba hatlele.
31 Moshe, le Aarone, le bara ba hae ba itlhatswa matsoho le maoto;
Ke hlapa matsoho ho bontsha hore ha ke na molato, ke potapota aletare ya hao Morena,
A bea sekotlolo se itlhatswetsang pakeng tsa Tente ya Morena le aletare, mme ka ho sona a tshela metsi a ho itlhatswa.
Ha ba ne ba kena ka Tenteng ya Morena, leha ba atamela pela aletare, ba ne ba ye ba itlhatswe, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.
Jesu a re ho yena: “Ya totseng o hlwekile kahohle, mme ha a sa hloka ho hlatsuwa haese maoto feela. Lona le hlwekile, empa e seng bohle.”
Empa haeba re phela leseding, jwalokaha le yena a le leseding, re a phedisana, mme madi a Jesu, Mora wa hae, a re hlwekisa dibe tsohle.
Ha re ipolela dibe tsa rona, Modimo o tla re tshwarela tsona, mme a re hlwekise bokgopo bohle, kaha o a tshepahala, mme o lokile.