Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 40:15 - BIBELE

15 O tla ba tlotsa jwalokaha o ile wa tlotsa ntata bona, mme ba tla ntshebeletsa e le baprista ba ka. Ho tlotsetswa boprista e tla ba ha mehla yohle, ho ya fihla ditloholong tsa bona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 o ba tlotse, jwalokaha o tlotsitse ntata bona, hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka; mme tlolo ya bona ho bona e tla ba boprista ba kamehla, melokong ya bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 40:15
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o hlapantse, ha a ka ke a kweneha; o itse: “O moprista kamehla yohle, jwaloka Meleki-Sedeke.”


Letsatsi lena e tla ba la kgopotso ho lona, mme le tla le tlotlisa ka ho etsetsa Morena mokete. Meloko yohle ya lona e tla le boloka e le taelo ya mehla yohle.’ ”


Tsena o di apese moholwane wa hao Arone le bara ba hae; o ba bee ka ho ba tlotsa ka ole, o ba halaletse, ba tle ba ntshebeletse e le baprista ba ka.


O tlame Arone le bara ba hae ka maqhama, o ba rwese dituku, mme e tla ba baprista ka molao wa mehla yohle. Ka mokgwa o jwalo o tla halaletsa Arone le bara ba hae.


O tle o bue le bana ba Iseraele, o re: ‘Ena e tla ba ole ya ka e halalelang, ya ho tlotsa; meloko yohle ya lona e etse jwalo.


Motho ya ka etsang e jwaloka yona, kapa a e nea motho eo e seng moprista, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.’ ”


O tla atametsa le bara ba hae, o ba apese diaparo tse fihlang maotong.


Yaba Moshe o etsa tsohle ho ya kamoo Morena a neng a mo laetse kateng.


Yaba le re: “A tshwantsha banna ba babedi, ba tlotseditsweng ho sebeletsa Morena wa lefatshe lohle.”


Ho yena, le ho ditloholo tsa hae, selekane sena e tla ba sa boprista kamehla yohle, hobane o ile a boulella Modimo wa hae, a etsetsa bana ba Iseraele tefelo ya sebe.’ ”


Yena, ya se nang ntatae, ya se nang mmae, ya se nang leloko, ya se nang leha e le qalo ya ditshiu tsa bophelo ba hae leha e le qetello ya tsona, ya tshwanang le Mora wa Modimo, o sala e le moprista ka ho sa feleng.


Ha ho ya ka hanyetsang hore e monyenyane o ye a hlohonolofatswe ke e moholo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ