Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 39:38 - BIBELE

38 Ba tlisa le aletare ya kgauta le ole e tlotsang, le mokubetso o monko o monate, le lesira la monyako wa Tente;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

38 le aletare ya kgauta, le ole ya setlolo le dibano tse monko o monate, le lesela le homilweng la monyako wa tente;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 39:38
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bona, ke hahela Morena Modimo wa ka, Tempele moo a tla kgumamellwa teng, mme ke mo abela yona. Ke moo ke tla mo tjhesetsa mokubetso o monko o monate teng. Ke moo re tla bea bohobe bo halalelang teng, re etsetse le nyehelo ya setjheso teng, hoseng le mantsiboya, le ka disabatha, le ka mekete ya ho thwasa ha kgwedi, le ka mekete e halalelang ya Morena Modimo wa rona. Ena ke taelo ya kamehla yohle e laetsweng Baiseraele.


le ole ya ho bonesa, le dinoko tsa ole ya ho tlotsa, le mokubetso o monko o monate;


“O tla etsa aletare, moo ho tla tjhesetswa mokubetso teng; o tla e etsa ka dithupa tsa sefate sa mositsane.


O tla e maneha kgauta e hlwekileng kahodimo le ka mahlakoreng ho e potoloha, le manakeng a yona; ebe o e etsetsa moqhaka wa kgauta o e potolohang.


“Arone o tla tjhesetsa mokubetso o nkgang hamonate hodima aletare; a o tjhese hoseng ho hong le ho hong ha a lokisa mabone.


le ole e tlotsang, le mokubetso o monko o monate wa Sehalalelo. Ba tla etsa tsohle ho ya kamoo ke o laetseng kateng.”


le ole e bonesang, le dinoko tsa ole e tlotsang, le tsa mokubetso o monko o monate;


A etsa ole e tlotsang, e halalelang, le mokubetso o monko o monate, jwalokaha ho etsa setsebi se tswakang ditlolo.


le sedulwana sa lebone sa kgauta e hlwekileng, mabone a sona a se a beilwe hantle; le tsohle tsa sona, le ole ya ho bonesa.


le aletare ya lethose, le mokgabiso wa yona wa lethose o kang letlowa, le mefeng ya yona, le tsohle tsa yona, le sekotlolo sa ho itlhatswetsa, le sedulwana sa sona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ