Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 39:28 - BIBELE

28 le katiba ka lesela le jwalo, le dituku tsa bokgabane ka lesela le jwalo, le marikgwe ka lesela le jwalo, le loehileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 ha etswa le moqhwele wa lene e ntle, le dikatiba tsa kgabiso tsa lene e ntle, le marikgwana a lene e ntle e lohilweng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 39:28
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lesoba la ho se kgetshemetsa hloohong le tla ba hare ho sona, mme ho potoloha lesoba leo ho etswe lemeno le le phethang, le entsweng ke selohi. Lesoba leo le be jwaloka la molala wa baki ya mohlabani, hore le se ke la taboha.


“O etse seaparo se fihlang maotong ka lesela le lene, le katiba o e etse ka lesela le jwalo, o be o etse le leqhama le homilweng.


Tsena ke diaparo tseo ba tla mo etsetsa tsona: mokgabiso wa sefuba, le setipe, le seaparo, le seaparo se fihlang maotong se lohilweng, le katiba, le leqhama. Ba tla etsetsa moholwane wa hao Arone le bara ba hae diaparo tse halalelang, tseo ba tla di apara ha ba ntshebeletsa e le baprista.


Bara ba Arone bona o tla ba etsetsa diaparo tse fihlang maotong le maqhama; o be o ba etsetse le dituku tsa hlompho le bokgabane.


“O ba etsetse marikgwe a lesela le lene, ba tle ba a tene; marikgwe ao a tlohe thekeng, a yo fihla diropeng.


Ba etsetsa Arone le bara ba hae diaparo tse fihlang maotong ka lesela la lene, le loehileng;


Ba etsa le leqhama ka lesela la lene, le loehileng, le ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le entsweng ke sehomi, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.


le dikola, le dithoto, le dinyepa, le dibotlolo tsa ditlolo, le dithatho;


Ere ho kgosi le ho mofumahadi, mmakgosi: “Theohang diteroneng le ikokobetse, hoba le rodisitswe mefapahlooho ya tlotla.”


Ba tla rwala dituku tsa lene dihloohong tsa bona, ba tene le marikgwe a lene. Ba ke ke ba apara eng kapa eng e ka ba fufuletsang.


Moprista o tla apara seaparo sa hae se entsweng ka lene, a tene le borikgwe ba hae bo entsweng ka lesela la lene, ebe o ola molora o hodima aletare, moo mollo o tjheseditseng sehlabelo teng, a bee molora oo kathoko ho aletare.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ