Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 38:27 - BIBELE

27 Ho ile ha sebediswa silefera e etsang boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane, ho etsa ditshehetso tsa Sehalalelo, le ditshehetso tsa lesira: ditshehetso tse lekgolo tsa etswa ka silefera e etsang boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane; setshehetso ka seng sa etswa ka silefera e etsang boima ba dikilo tse mashome a mararo a metso e mene.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Ka ditalenta tsa silefera tse lekgolo, ha tshollwa didulwana tsa sehalalelo le didulwana tsa lesira: Ha etswa didulwana tse lekgolo ka ditalenta tse lekgolo, sedulwana se seng ka talenta e le nngwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 38:27
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla etsetsa ditshiya tseo tse mashome a mabedi ditshehetso tsa silefera, tse nang le mekotjana, tse mashome a mane. Ditshehetso tse pedi di be katlasa tshiya e nngwe le e nngwe, moo dimapo tse pedi tsa yona di tla kena teng.


O etse le ditshehetso tsa tsona tsa silefera, tse mashome a mane, moo dimapo tse pedi tsa tshiya ka nngwe di tla kena teng.


Ho tla ba le ditshiya tse robedi, le ditshehetso tsa silefera tse leshome le metso e tsheletseng; tse pedi di be katlasa tshiya e nngwe le e nngwe.


O tla le leketlisa ditshiyeng tse nne, tse entsweng ka dithupa tsa sefate sa mositsane, tse manehilweng kgauta. Di be le dihokelo tsa kgauta, mme di hlongwe hodima ditshehetso tsa silefera.


Motho ka mong wa ba badilweng, ho qala ka ya dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo, a ntsha keramo tse tsheletseng, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Palo ya ba ntshitseng ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng a metso e meraro, le makgolo a mahlano le mashome a mahlano.


Ka silefera e etsang dikilo tse mashome a mararo, ha etswa dihokelo tsa ditshiya, ditshiya tsa manehwa dihlooho, mme ha etswa dithupa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ