Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 38:24 - BIBELE

24 Kgauta yohle e ileng ya sebediswa mosebetsing wohle wa ho haha Sehalalelo, e ne e le kgauta e tswang dimphong tsa baithaopi; e ne e etsa boima ba dikilo tse sekete, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Haele kgauta kaofela e keneng mosebetsing, e leng mosebetsi wohle wa sehalalelo, ke ena: Kgauta ya kabelo e tsokoditsweng ya eba talenta tse mashome a mabedi a metso e robileng mono o le mong tse nang le dishekele tse makgolo a supileng a mashome a mararo, ha ho uwa ka shekele ya sehalalelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 38:24
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Bua le bana ba Iseraele, o re ba nntshetse dimpho. Le amohele dimpho tsa ka ho motho ka mong ya ithaopang.


Tsena tsohle o di nee Arone le bara ba hae, ba tle ba nyehele ka tsona, ka ho di akgotsa kapele ho Morena.


le kasia eo boima ba yona e leng dikilo tse tsheletseng, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong; le dilethara tse nne tsa ole ya sefate sa mohlwaare.


Ha kena le basadi, bohle bao pelo tsa bona di ratang; ba tlisa dipetja, le masale a rwalwang dinkong, le mefitshane, le dipele, le tsohle tse entsweng ka kgauta; bohle ba nang le hona ba tlisetsa Morena dimpho tsa kgauta.


Kgakanyo yohle e tla lekanngwa ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o le mong.


monna eo dilemo tsa hae di leng dipakeng tsa dilemo tse mashome a mabedi le mashome a tsheletseng, tjhelete ya topollo ya hae e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a tsheletseng tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong.


“Ha motho a etsa sebe e se ka morero, dinthong tse halalelang tsa Morena, o tla tlisetsa Morena nyehelo e tlosang molato, e be pheleu e se nang sepha, e tswang mohlapeng wa hae. Ke wena ya tla lekanya theko ya yona, e be silefera e boima ba dikeramo tse leshome le motso o le mong le halofo tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong, bakeng sa nyehelo e tlosang molato.


‘Silefera ke ya ka, le yona kgauta ke ya ka,’ ho rialo Morena wa mabotho.


Tseo tse lokelang ho lopollwa o tla di lopolla ha di ena le kgwedi, ka silefera e etsang boima ba dikeramo tse mashome a mahlano a metso e mehlano tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o le mong.


o tla nka silefera e etsang boima ba dikeramo tse mashome a mahlano tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong, o e nke bakeng sa e mong le e mong wa bona. Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o le mong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ