Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 37:25 - BIBELE

25 A etsa aletare ya mokubetso ka dithupa tsa sefate sa mositsane. Bolelele ba yona e ne e le disenthimethara tse mashome a mane a metso e mehlano, bophara ba yona e le disenthimethara tse mashome a mane a metso e mehlano, e ne e ena le mahlakore a mane a lekanang; bophahamo ba yona e le disenthimethara tse mashome a robong. Manaka a yona a ne a entswe ka thupa e le nngwe le aletare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ha etswa le aletare ya dibano ka sefate sa leoka; bolelele ba yona e le setswe se le seng, bophara ba yona e le setswe se le seng; e ne e le mahlakore a mane a lekanang; bophahamo ba yona ya eba ditswe tse pedi; manaka a yona a tswile ho yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 37:25
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Usiya a se a matlafetse a ikgohomosa, mme hona ha etsa hore a we. O ne a ile a sitelwa Morena Modimo wa hae, a kena ka Tempeleng ya Morena ho ya tjhesetsa mokubetso hodima aletare ya mokubetso.


le tafole, le tsohle tsa yona; le sedulwana sa lebone sa kgauta e hlwekileng, le tsohle tsa sona; le aletare ya mokubetso,


le aletare ya mokubetso, le mefeng ya yona, le ole e tlotsang, le mokubetso o monko o monate, le lesira la monyako, le monyakong wa Leaho;


Sedulwana sena, le tsohle tsa sona, a di etsa ka kgauta e hlwekileng, eo boima ba yona e leng dikilo tse mashome a mararo a metso e mehlano.


A e maneha kgauta e hlwekileng kahodimo, le ka mahlakoreng ho e potoloha, le manakeng a yona. A e etsetsa moqhaka wa kgauta o e potolohang.


O bee le aletare ya kgauta, ya mokubetso, kapele ho areka ya selekane, ebe o lepeletsa lesira monyako wa Leaho.


Difofu ting! Ho hoholo ke hofe: Ke mpho kapa aletare e halaletsang mpho eo?


Re na le aletare, eo basebeletsi ba Tente ba se nang tokelo ya ho jela ho yona.


Ka hona o na le matla a ho pholosa ka ho tlala bohle ba tlang ho Modimo ka yena, kaha a phela kamehla ho ba buella.


Ka ho sona ho ne ho ena le aletare ya kgauta, moo ho neng ho tjhesetswa mokubetso teng, le areka ya selekane e apesitsweng ka kgauta, moo ho kentsweng pitsa ya kgauta e tshetseng manna, le lere la Arone le neng le ile la eba le dithunthung, le matlapa a mabedi ao ho ngotsweng mantswe a selekane ho wona.


Tloong le le majwe a phelang, a sebediswang ho haha tempele ya moya. Le be baprista ba halalelang, ba nyehellang Modimo ka mahlabelo a moya, a amohelehang ho yena ka Jesu Kreste;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ