Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 37:23 - BIBELE

23 A etsa mabone a sona a supileng, le matlao a sona, le dithotobolo tsa sona, ka kgauta e hlwekileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ha etswa dilampi tsa yona tse supileng, le matlawana a yona, le dipitsana tsa yona tsa melora tsa kgauta e hlwekileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 37:23
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“O tla se etsetsa mabone a supileng, lebone ka leng le bewe ka mokgwa wa hore le bonese sebaka se kapele ho lona.


Matlao a sona, le dithotobolo tsa sona, e be tsa kgauta e hlwekileng.


Dipalesa tsa sona, le manono a sona, di ne di thulelletswe le sedulwana, e le ntho e le nngwe, e entsweng ka kgauta e hlwekileng, e thutsweng.


Sedulwana sena, le tsohle tsa sona, a di etsa ka kgauta e hlwekileng, eo boima ba yona e leng dikilo tse mashome a mararo a metso e mehlano.


La mpotsa, la re: “O bona eng?” Ka le araba, ka re: “Ha ke tadima, ke bona sedulwana sa mabone sa kgauta, se nang le sekgakeletso kahodimo. Mabone a supileng a hodima sehlomelo sena, le mapeno a supileng bakeng sa mabone ana a kahodima sedulwana sena.


“Bua le Arone, o re ho yena: ‘Ha o hotetsa mabone, mabone ao a supileng a tla bonesa kapele ho sedulwana.’ ”


Ka reteleha ho bona hore na ke mang ya buang le nna, mme hoba ke etse jwalo, ka bona didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng.


Ha e le sephiri sa dinaledi tse supileng, tseo o di boneng ka letsohong la ka le letona, le sa didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng, ke sena: Dinaledi tse supileng ke baruti ba dikereke tse supileng, le didulwana tsa mabone tse supileng ke dikereke tseo tse supileng.”


Mahadima, le melumo, le letolo, di ne di betseha teroneng. Mabone a supileng a ne a tuka kapele ho terone: Ke meya e supileng ya Modimo.


Empa e mong wa baholo a re ho nna: “O se ke wa lla. Bona, Tau ya leloko la Juda, Lehlomela la Davida, o hlotse. O tla phetla buka le ho kgomarolla dibitielo tse supileng tsa yona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ