Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 37:17 - BIBELE

17 A etsa sedulwana sa lebone ka kgauta e hlwekileng. Sedulwana seo sa lebone a se etsa ka kgauta e thutsweng. Madulo a sona, le lenono la sona, le dikgakeletso tsa sona, le dipalesa tsa sona, le dithunthung tsa sona, tsa thulellwa ho sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ha etswa le kandelare ya kgauta e hlwekileng: Kandelare ya etswa ka kgauta e teilweng; leoto la yona, le kutu ya yona, le meritshwana ya yona, le dinoko tsa yona, le dipalesa tsa yona, e ne e le ntho e le nngwe le yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 37:17
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A mmolella le boima ba kgauta e tla etsa didulwana tsa mabone, le e tla etsa mabone, le boima ba silefera e tla etsa didulwana tsa mabone, le e tla etsa mabone, ho ya kamoo sedulwana ka seng se tla sebediswa kateng.


Hoseng ho hong le ho hong, le ka phirimana e nngwe le e nngwe, ba nyehella Morena ka dinyehelo tsa setjheso, le ka mokubetso o monko o monate. Ba bile ba bea bohobe bo halalelang hodima tafole e hlwekileng; ba bonesa le mabone a hodima didulwana tsa kgauta, hore a tuke ka phirimana e nngwe le e nngwe, hobane re boloka taelo ya Morena Modimo wa rona, empa lona le mo furaletse.


le tafole, le tsohle tsa yona; le sedulwana sa lebone sa kgauta e hlwekileng, le tsohle tsa sona; le aletare ya mokubetso,


Ka kgauta e hlwekileng a etsa dijana tse tla bewa hodima tafole: mafiso, le mafiswana, le dinwelo, le mepotjwana e sebediswang ha ho nyehelwa.


Lenono la sedulwana le ne le ena le makala a tsheletseng: a mararo a le ka lehlakoreng la pele, a mang a mararo a le ka lehlakoreng la bobedi.


Arone o tla bea mabone hodima sedulwana sa wona sa kgauta e hlwekileng, hore a tuke kamehla, kapele ho Morena.”


Ka boela ka botsa lengeloi, ka re: “Difate tse tse pedi tsa mohlwaare, tse ka tsohong le letona le ka ho le letshehadi la sedulwana sa mabone, tsona di bolelang?”


La mpotsa, la re: “O bona eng?” Ka le araba, ka re: “Ha ke tadima, ke bona sedulwana sa mabone sa kgauta, se nang le sekgakeletso kahodimo. Mabone a supileng a hodima sehlomelo sena, le mapeno a supileng bakeng sa mabone ana a kahodima sedulwana sena.


Sedulwana se ne se entswe ka kgauta e thutsweng; ho tloha lenonong la sona ho isa dipaleseng tsa sona, e ne e le ntho e le nngwe, e le mosebetsi o thutsweng, ho ya ka setshwantsho seo Morena a neng a se bontshitse Moshe.


lebone le lona ha le ke be le hotetswe le kwahelwe ka nkgo, empa le bewa sedulwaneng sa lona, le kgantshetse bohle ba ka tlung.


e le hore le tle le hloke molato, le se ke la nyatseha, le be bana ba Modimo ba hlokang kodi, hara moloko ona o kgopo, o bolotsana, oo ho wona le kganyang jwaloka dinaledi sebakeng,


Ho ile ha hlongwa Tente, eo karolo ya yona ya pele e neng e bitswa Sehalalelo. Ka ho sona ho ne ho ena le sedulwana sa mabone, tafole, le bohobe bo halalelang.


Ka reteleha ho bona hore na ke mang ya buang le nna, mme hoba ke etse jwalo, ka bona didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ